Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Majoe a bohlokoa a neng a manehiloe kotleng ea sefuba ea moprista e moholo oa Iseraele a ne a tsoa hokae?

Ka mor’a hore Baiseraele ba kene lefeelleng ba tsoa naheng ea Egepeta, Molimo o ile a ba laela hore ba etse kotla ena ea sefuba. (Exoda 28:15-21) Majoe a neng a manehiloe kotleng ena ea sefuba e ne e le rubi, topaze, emeralde, thekoise, safire, jaspere, leshem, agate, amethyste, krysolite, onyxe le jade. * Na ka sebele Baiseraele ba ne ba e-na le mefuta ee ea mahakoe?

Mehleng ea Bibele, batho ba ne ba nka majoe ana e le a bohlokoa haholo ’me ba ne ba hoebisana ka ’ona. Ka mohlala, Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba lata mahakoe ana a bohlokoa hōle, libakeng tseo kajeno e leng Iran, Afghanistan ’me ha ho khoneha ba ne ba e-ea le India. Egepeta ho ne ho rafshoa majoe a bohlokoa a mefuta-futa. Marena a Egepeta ke ’ona a neng a laola lirafshoa tsa libaka tseo a neng a li busa. Mopatriareka Jobo o ile a hlalosa hore batho ba mehleng ea hae ba ne ba theohela ka tlas’a lefatše ka mekoti le likotopo ho ea batla matlotlo. Har’a lintho tse neng li fumanoa ka tlas’a lefatše, Jobo o boletse ka ho khetheha ka safire le topaze.—Jobo 28:1-11, 19.

Tlaleho ea Exoda e bolela hore ha Baiseraele ba ne ba tsamaea, ba ile ba “nkela Baegepeta” lintho tsa bona tsa bohlokoa. (Exoda 12:35, 36) Ka hona, e ka ’na eaba majoe a neng a manehiloe kotleng ea sefuba ea moprista e moholo, ke ao Baiseraele ba ileng ba tla le ’ona Egepeta.

Ke hobane’ng ha veine e ne e sebelisoa e le setlhare mehleng ea Bibele?

Papisong e ’ngoe, Jesu o ile a bua ka monna e mong ea neng a tetekiloe ke masholu. Jesu o re monna eo o ile a thusoa ke Mosamaria ea ileng a tlamisa maqeba a hae a ba “a a tšela ka oli le veine.” (Luka 10:30-34) Ha a ngolla motsoalle oa hae Timothea, moapostola Pauluse o ile a mo fa keletso ena: “U se ke ua hlola u noa metsi, empa u sebelise veine e nyenyane ka lebaka la mala a hao le maemo a hao a ho kula khafetsa.” (1 Timothea 5:23) Ho latela papiso ea Jesu le keletso ea Pauluse, na veine e ka hla ea e-ba setlhare?

Buka ea Ancient Wine, e re veine ke “setlhare se kokobetsang mahlaba, se thibelang likokoana-hloko ebile ke makhona-tsohle.” Mehleng ea boholo-holo, veine e ne e le setlhare sa bohlokoa ho batho ba Egepeta, ba Mesopotamia le ba Syria. Buka ea The Oxford Companion to Wine, e re veine ke “setlhare sa khale ka ho fetisisa se ileng sa ngoloa libukeng.” Ha e bua ka keletso eo Pauluse a ileng a e fa Timothea, buka ea The Origins and Ancient History of Wine, e re: “Ha ho etsoa liteko, ho fumanoe hore feberu ea mala le likokoana-hloko tse ling tse kotsi li shoa ka ho panya ha leihlo ha li kopanngoa le veine.” Liphuputso tsa mehleng ena li tiisa hore e meng ea metsoako e fetang 500 e fumanoang veineng e phekola mafu ao le a mang a mangata.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Ha ho bonolo ho tseba hore na kajeno majoe ana kaofela a bitsoa’ng.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lihoai tse tlhotlang morara tse takiloeng lebitleng la Nakht, Thebese, Egepeta

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Gianni Dagli Orti/The Art Archive at Art Resource, NY