Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Joale ke se ke Tseba Molimo eo ke mo Rapelang

Joale ke se ke Tseba Molimo eo ke mo Rapelang

Moevangeli oa kereke ea Pentekonta eo ho neng ho thoe o na le matla a ho folisa o ile a re etela. Ha a nkama, ke ile ka oela fatše eaba kea ilibana, ke “kenoe ke moea.” Ha ke hlaphoheloa, ho ile ha bonahala eka ke fumane ntho eo ke neng ke ntse ke e batla—e leng matla a ho folisa. Ho tlile joang ke etsahalloe ke ntho ee, hona see se ile sa ama bophelo ba ka joang? Pele ke le phetela taba eo, e-re ke le bolelle tsa bophelo ba ka.

KE HLAHETSE Ilocos Norte, Philippines, ka la 10 December, 1968, ke le ngoana oa bosupa ho ba leshome. Ke ile ka hōlisetsoa Kerekeng e K’hatholike joaloka bana ba bangata ba Mafilipino. Ke ile ka qeta sekolo ka 1986, ’me ke ne ke batla ho ba mooki. Leha ho le joalo, ha kea ka ka finyella ho ba mooki hobane ke ile ka kula haholo. Ha e le hantle, ke ne ke nahana hore kea shoa. Ka lebaka la ho tsieleha, ke ile ka kōpa Molimo hore a nthuse eaba ke mo bolella hore haeba nka fola, ke tla mo sebeletsa bophelo bohle ba ka.

Ha ke fola ka mor’a nako e telele, ke ile ka hopola seo ke se tšepisitseng Molimo. Kahoo, ka June 1991, ke ile ka kena sekolo sa Bibele sa kereke ea Pentekonta. Melao ea sekolo e ne e akarelletsa ho kōpa “mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang.” Ke ne ke batla ho ba le matla a ho folisa. Sekolong re ne re rutoa hore matla ana a ka fumanoa ka ho itima lijo le ho rapela. Ka lekhetlo le leng ke ile ka iketsa eka ke na le “mpho” eo, eaba nakong ea ho rapela ke mamela morutoana e mong ka lenyele ha a rapela ka lentsoe le phahameng. Ha a le haufi le ho qeta, ke ile ka khutlela ka potlako moo ke neng ke khumame teng. Ka mor’a moo, ke ile ka mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e kōpa thapelong ea hae ’me o ile a lumela hore joale ke na le “mpho e sa lefelloeng”!

Ha ke ntse ke tsoela pele ka lithuto tsa ka sekolong sena, ke ne ke e-na le lipotso tse ngata. Ka mohlala, Matheu 6:9 e bua ka “Ntate” le “lebitso” la hae. Ke ne ke botsa lipotso tse kang, “Ntate eo Jesu a buang ka eena, ke mang?” le hore “Ke lebitso la mang le lokelang ho halaletsoa?” Hangata likarabo tsa barupeli ba ka li ne li sa hlaka ebile li sa khotsofatse. Ba ne ba ruta hore Ntate, Mora le Moea o Halalelang baa lekana ’me ba bolela hore ke sephiri. Sena se ne se mpherekanya. Leha ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ke ithutela ho ba moruti.

Ke Kopana le Lipaki Tsa Jehova

Sekolong sa Bibele, re ne re rutoa hore Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli bo fosahetseng ka ho fetisisa. Ho feta moo, li ne li bitsoa bahanyetsi ba Kreste. Ke ile ka hloea bolumeli bona.

Selemong sa ka sa bobeli sekolong sena, ke ile ka etela batsoali ba ka nakong ea phomolo ea sekolo. E mong oa bo-ausi ba ka ea bitsoang Carmen, o ile a utloa hore ke teng lapeng eaba le eena oa chaka. E ne e se e le Paki ea Jehova e kolobelitsoeng ’me o ne a qeta nako e ngata a ruta batho ka Bibele. Ha a leka ho nthuta ka Molimo, ke ile ka mo araba ka bohale bo tšabehang, ka re: “Ke tseba Molimo eo ke mo sebeletsang!” Ka mor’a ho mo bolella mantsoe a hlabang, ke ile ka mo sutumetsa ’me  ha kea ka ka mo fa monyetla o mong oa ho bua le ’na.

Ha ke se ke khutletse sekolong sa Bibele, Ausi Carmen o ile a nthomella bukana ea Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? * Ke ile ka e sobokella hang-hang eaba ke e lahlela ka mollong. Ke ne ke sa ntsane ke mo halefetse.

Ke Hatela Pele Mosebetsing oa Boruti

Ha ke ne ke fumana lengolo la boruti

Ha ke ntse ke tsoela pele ka lithuto tsa ka sekolong sa Bibele, ke ile ka khona ho sokolla batho ba bang. Ke ile ka ba motlotlo haholo ha ’Mè le Abuti ba sokolohela kerekeng ea Pentekonta.

Ka March 1994, ke ile ka fumana lengolo la boruti sekolong sa Bibele sa kereke ea Pentekonta. Joalokaha ho boletsoe sethathong, moevangeli ea etileng o ne a le teng nakong eo. Rōna bohle ba fumaneng mangolo re ne re ipatla pel’a hae hobane re ne re lumela hore o na le mpho ea ho folisa. Re ile ra ea ho eena sethaleng, re tlōla re bile re opa liatla le eena re e-ea le molumo oa meropa. Joale, e mong le e mong eo a neng a mo ama o ne a tabana fatše, “a kenoa ke moea.” * Ha a nkama, le ’na ke ile ka oela fatše eaba kea ilibana. Ha ke hlaphoheloa, ke ne ke tšohile, empa ke ile ka utloa hore joale ke na le matla a ho folisa, kahoo ke ne ke thabile.

Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka sebelisa matla ana ho phekola ngoananyana e mong ea neng a kula haholo a tšoeroe ke feberu e matla. Ha ke rapela, ngoana eo o ile a qala ho fufuleloa hang-hang eaba feberu ea nyamela. Joale, ke ile ka ikutloa hore ke phethahatsa tšepiso ea ka ho Molimo. Leha ho le joalo, se makatsang ke hore ke ne ke utloa hore ho na le se haellang. Botebong ba pelo, ke ne ke lumela hore ho na le Molimo a le mong feela, empa ke ne ke hlile ke sa tsebe hore na ke mang. Ho feta moo, ke ne ke e-na le lipelaelo tse sa feleng ka lithuto tse ngata tsa kereke.

Ke ile ka sebelisa matla ana ho phekola ngoananyana e mong ea neng a kula haholo a tšoeroe ke feberu e matla

Lintho Tse Ileng Tsa Fetola Monahano oa Ka

Ka mor’a liketsahalo tseo, lehloeo la ka ho Lipaki Tsa Jehova le ile la tota. Kamehla ha ke fumana lingoliloeng tsa Lipaki, ke ne ke li chesa. Empa ho ile ha etsahala ntho e neng e sa lebelloa. Ke ile ka tšoha ha ke utloa hore ’Mè ha a sa batla ho kena kereke ea Pentekonta. Ausi Carmen o ne a ntse a ithuta Bibele le eena! Ke ile ka halefela Ausi haholo.

Ka mor’a moo, ke ile ka fumana makasine ea Tsoha! lapeng heso. Ka tloaelo nka be ke ile ka e chesa. Empa ka lebaka la ho rata ho tseba seo ’Mè a neng a se bala, ke ile ka e phetla eaba mahlo a ka a oela sehloohong se neng se bua ka motho ea neng a lumela ka tieo lithutong tsa kereke. Leha ho le joalo, ha a qala ho bala libuka tsa Lipaki le Bibele, o ile a kholiseha hore thuto ea hore Ntate, Mora le Moea o Halalelang baa lekana le thuto ea mollo oa lihele le ea hore moea ha o shoe, ha li eo ka Bibeleng. Sena se ile sa nkama pelo. Ke tsona lintho tseo ke neng ke batla ho li utloisisa. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka nahana hore ho tla ba monate ha ke se ke utloisisa ’nete ea Bibele.

Ke ile ka qala ho bala libuka tsa Lipaki haholoanyane ka mor’a ho bala tlaleho e ’ngoe  makasineng ea Tsoha! mabapi le motho ea neng a sebelisa joala hampe a bile a lemaletse lithethefatsi, ea ileng a fetola bophelo ba hae ka lebaka la ho ithuta Bibele. Ke ile ka fumana bukana e reng Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng. * Ha ke e bala, ke ile ka ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova. Ke ile ka thaba haholo ha ke ithuta seo e leng ’nete ka Molimo a le mong feela oa ’nete!—Deuteronoma 4:39; Jeremia 10:10.

Ke ile ka thaba haholo ha ke ithuta seo e leng ’nete ka Molimo a le mong feela oa ’nete!

Ke ile ka tsoela pele ho bala ka lenyele ’me ka ithuta linnete tse ngata tsa Bibele. Ka mohlala, sekolong sa Pentekonta, ke ne ke rutiloe hore Jesu ke Molimo, empa Bibele e ile ea nthuta hore ke “Mora oa Molimo ea phelang.”—Matheu 16:15, 16.

Maikutlo a ka aa Fetoha

Ha re boela re kopana le Ausi Carmen, o ile a makala ha ke kōpa bukana ea Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng le libuka tse ling. Ke ne ke qetile lilemo tse ngata sekolong sa Bibele, empa ke ne ke sa rutoa ’nete moo; ke ne ke foqiloe mashano. Thabo ea ka e ile ea khaphatseha ka lebaka la linnete tseo ke neng ke ithuta tsona Bibeleng. Ke ile qala ho utloisisa ka botlalo seo Jesu a neng a se bolela ha a re: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Linnete tseo li ne li qala ho fetola bophelo ba ka.

Linnete tsena li ne li qala ho fetola bophelo ba ka

Ka nako e itseng, ke ile ka nahana hore ke tla ja ka mehlare e ’meli; ke rapele Jehova Molimo ka lenyele ’me ke ’ne ke tsoele pele ho ba moruti kerekeng. Kapele feela ke ile ka hlokomela hore ke ne ke se ke sa khone ho ruta lithuto tse ngata tsa kereke. Leha ho le joalo, ke ne ke tšaba. Ke ipotsa hore na, ke tla phela ka eng ha ke tlohela mosebetsi oa boruti? E ne e tla ba ntho e tlotlollang kereke hakaakang ha e mong oa baruti ba eona e e-ba Paki ea Jehova! Ka lebaka lena, ke ile ka tsoela pele ke le moruti, empa ke qoba ho ruta lithuto tsa bohata tsa kereke.

Precious o ne a ithuta Bibele le ’na

Ha ke kopana le Ausi Carmen hape, o ile a nkhothalletsa hore ke ee sebokeng se seng sa Lipaki Tsa Jehova. Kaha ke ne ke atisa ho sebeletsa kerekeng e khōlō Motseng oa Laoag, ke ile ka batla ka lenyele sebaka seo Lipaki li kopanelang ho sona, e leng Holo ea ’Muso ea moo. Ba ile ba nkopanya le Alma Preciosa Villarin, eo ha ba mo reneketsa ba mo bitsang “Precious,” e leng e mong oa ba qetang nako e ngata ba ruta batho Bibele phuthehong eo. Le hoja ke ne ke ntse ke sa rate Lipaki, ke ile ka lumela ha a nkōpa hore ke ithute Bibele le eena.

Ausi oa ka o ile bontša mamello e khōlō ha a ntse a mpolella linnete tsa Bibele. Ke ile ka bona mamello ena le ho Precious. O ile a nthusa haholo hore ke utloisise Bibele, le hoja ke ne ke halefa, ke leka ho mo ngangisa ’me ka linako tse ling ke tlatsa lerata, ke tsitlella linthong tse ling tseo ke ileng ka li rutoa. Ke ile ka angoa  pelo ke lerato, boikokobetso le bonolo tseo Precious le Lipaki tse ling ba neng ba mpontša tsona. Sena se ile sa ntšusumelletsa hore ke batle ho rapela Jehova.

Ka July 1995, ke ile ka hlokomela hore ha ho tsela-peli, ke tlameha ho tlohela mosebetsi oa boruti. Hobane’ng? Tšenolo 18:4 ha e bua ka tšoantšetso ka bolumeli ba bohata e re: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae.” Joale ke ne ke tla iphelisa ka eng? Baheberu 13:5 e ile ea nthuta hore Molimo o tšepisa ba etsang thato ea hae sena: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”

Ha ’na le ’Mè re ne re kolobetsoa

Le hoja Ntate le Abuti ba ile ba nkhanyetsa ka matla, libeke tse peli pele ke kolobetsoa ke le Paki, ke ile ka ba sebete hore ke ee lapeng heso ho ea chesa lintho tsohle tseo ke neng ke li sebelisa ha ke sa le moruti. Ha ke qeta ho li chesa, ke ile ka hlokomela hore matla ’ohle a khethehileng ao ke neng ke e-na le ’ona ha a sa le eo. Nakong e fetileng, ha ke robala, nako le nako ke ne ke utloa hore ho na le ntho e nkhatellang. Ntho eo le eona e ile ea fela. Liriti tseo ke neng ke li bona fensetereng ea kamore ea ka li ile tsa nyamela. Thutong ea ka ea Bibele ke ne ke ithutile hore lintho leha e le life tseo ho thoeng ke limpho hona joale, tse kang matla a ho folisa, ha li tsoe ho Molimo empa li tsoa ho meea e khopo. Joaloka lekhabunyane leo Pauluse a ileng a le lokolla ho “modemona oa bonohe,” ke motlotlo hore ebe ke ile ka lokoloha tšusumetsong ea meea e khopo.—Liketso 16:16-18.

Ha ke se ke le Paki ea Jehova e qetang nako e ngata e ruta batho Bibele

E ile ea e-ba thabo e khōlō hakaakang ha ke ne ke bapile le ’mè oa ka re il’o kolobetsoa re le Lipaki Tsa Jehova ka September 1996! Ka mor’a hore ke kolobetsoe ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka qeta nako e ngata ke ruta batho Bibele ’me ke thabela ho etsa joalo ka lilemo tse ngata.

Hona joale re nyalane le Silver. Re sebetsa ka thata ho ruta morali oa rōna tsela ea ’nete ea Bibele. Bo-ausi ba ka ba babeli le ’nake ba sebeletsa Jehova le rōna. Le hoja ke utloa bohloko hore ka lilemo tse ngata ke ne ke sa tsebe Molimo, ke thabile hore ebe joale ke se ke tseba Molimo eo ke mo rapelang.

’Na, monna oa ka, morali oa rōna le beng ka ’na ba bangata ba ileng ba kopanela le rōna borapeling ba ’nete

^ ser. 10 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.

^ ser. 13 “Ho kenoa ke moea” ke se etsahalang malumeling a mang moo ba batho ba lumelang hore “moea” o tla ho balumeli ka matla a maholo hoo o ba tabanyang fatše.

^ ser. 18 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.