Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Thusa ba Hlokang

Ho Thusa ba Hlokang

“Ea leihlo le mosa o tla hlohonolofatsoa, etsoe o file ea tlaase lijo tsa hae.”—LIPROVERBIA 22:9.

Ke hobane’ng ha batho ba bang ba keteka Keresemese?

Kaha Jesu o ile a thusa batho ba futsanehileng, ba kulang le ba mahlomoleng, batho ba bang ba batla ho latela mohlala oa hae. Ba nka hore nako e molemo ea ho etsa seo ke ka Keresemese, ha mekhatlo ea ho thusa ba hlokang e etsa boiteko bo eketsehileng ba ho fumana liphallelo.

Ke hobane’ng ha seo e le bothata?

Matsatsing a Keresemese, batho ba bangata ba tšoarehile ka ho ea mabenkeleng, ho ithabisa le ho etela metsoalle le beng ka bona. Sena sohle se etsa hore ba se ke ba ba le nako, matla kapa chelete e lekaneng ea hore ba thuse batho ba futsanehileng le ba hlokang, mohlomong seo ba ka se etsang feela ke ho fana ka chelete mekhatlong e thusang ba hlokang.

Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka re thusang?

“U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.” (Liproverbia 3:27) Batho ba futsanehileng, ba lapileng le ba mahlomoleng ha ba hloke thuso ka nako ea Keresemese feela. Haeba u hlokomela hore ho na le motho ea hlokang thuso ’me ho le “matleng a letsoho la hao” ho thusa, ke hobane’ng ha u lokela ho emela letsatsi le itseng la phomolo? Ha u bontša mosa le kutloelo-bohloko u tla hlohonolofatsoa.

“Letsatsi le leng le le leng la pele la beke e mong le e mong oa lōna ka tlung ea hae a ke a behelle ka thōko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang o atleha kateng.” (1 Bakorinthe 16:2) Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso eo ho Bakreste ba pele ba neng ba batla ho thusa ba futsanehileng. Na u ka ‘behella ka thōko’ chelete e itseng eo u ka fanang ka eona kamehla ho ba hlokang kapa ua e-fa mokhatlo o itseng o khonang ho sebelisa chelete ka botšepehi? Ka tsela e joalo, u tla be u kenya letsoho ho thusa ba hlokang ha u fana ka seo u ka se khonang.

“Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” (Baheberu 13:16) Hlokomela hore ntle le ho “arolelana lintho le ba bang” re boetse re lokela ho hopola ho “etsa se molemo” kapa ho thusa ba bang. Ka mohlala, batsoali ba bohlale ba ruta bana ba bona ho thusa ba hōlileng ka mesebetsi ea letsatsi le letsatsi; ho khothatsa ba kulang ka ho ba romella likarete, ho ba etela kapa ho ba ho letsetsa mohala; le ho tsotella bana ba futsanehileng le ba nang le bokooa. Seo se etsa hore bana ba ithute ho ba batho ba mosa le ba fanang selemo ho pota.

Batsoali ba bohlale ba ruta bana ba bona ho thusa batho ba hōlileng, ba kulang le bana ba hlokang. Seo se etsa hore bana ba ithute ho ba batho ba mosa le ba fanang selemo ho pota.