Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE TLISANG THABO KA LAPENG

U ka Etsa’ng ha Ngoana oa Hao a E-na le Bokooa?

U ka Etsa’ng ha Ngoana oa Hao a E-na le Bokooa?

CARLO: * “Mora oa rōna Angelo, o na le ‘Down syndrome,’ e leng lefu la ho holofala ’mele le kelello. Ho kula ha hae ho re thefula habohloko ’meleng, kelellong le maikutlong. Ho hlokahala matla a mangata haholo ho hlokomela ngoana ea kulang ho feta ho hlokomela ngoana ea phetseng hantle. Ka linako tse ling lenyalo la rōna le hula ka thata.”

MIA: “Ho nka nako e telele hore Angelo a ithute esita le ntho e bonolo feela ’me sena se re hloka ho se fele pelo. Ha ke khathetse, ke tenehela monna oa ka Carlo. Ka linako tse ling ha re lumellane ka lintho tse itseng ebe rea ngangisana.”

Na u sa hopola letsatsi leo ngoana oa hao a hlahileng ka lona? Ha ho pelaelo hore u ne u labalabela ho mo sikara. Empa ho batsoali ba kang Carlo le Mia, thabo eo e kopana le ho tšoenyeha ha ba bolelloa hore ngoana oa bona oa kula kapa o na le bokooa bo itseng.

Na u na le ngoana ea nang le bokooa bo itseng? E ka ’na eaba ua ipotsa hore na u tla khona na. Haeba ho joalo, u se ke ua tšoenyeha. Ho na le batsoali ba joaloka uena ba khonneng ho sebetsana le mathata a tšoanang le a hao. Nahana ka lintho tse tharo tse tloaelehileng tseo u ka ’nang ua kopana le tsona ’me u bone kamoo keletso ea Bibele e bohlale e ka u thusang kateng.

BOTHATA BA PELE: HO THATA HO AMOHELA HORE NGOANA OA HAO O NA LE BOKOOA.

Batsoali ba bangata ba utloa bohloko haholo ha ba bolelloa hore ngoana oa bona oa kula. Juliana, e leng ’mè e mong ea lulang Mexico, o re: “Ha ngaka e re bolella  hore mora oa rōna Santiago o na le cerebral palsy, e leng lefu le holofatsang mesifa ea maoto le ea matsoho, ke ne sa khone ho amohela. Ke ne ke sithabetse habohloko.” Ba bang ba ka ikutloa joaloka ’mè ea lulang Italy e leng Villana, o re: “Ke ne ke batla ho ba le ngoana le hoja ke ne ke tseba hore ho kotsi hore mosali ea lilemong tsa ka a be le ngoana. Hona joale ha mora oa ka a e-ba le mathata ka lebaka la ho holofala ’meleng le kelellong, ke ikutloa ke le molato.”

Haeba u ikutloa u le molato ebile u hloka tšepo, hlokomela hore ho tloaelehile ho ikutloa ka tsela eo. Ha Molimo a ne a bōpa motho, o ne a sa mo bōpela hore a kule. (Genese 1:27, 28) Ha aa ka a etsa batsoali hore ba amohele ntho eo e seng ea tlhaho habonolo feela. Seo se bolela hore, ke ntho e tloaelehileng hore u utloe bohloko ha ngoana oa hao a kula. Ho tla nka nako hore u tloaele le ho amohela hore boemo bo fetohile.

U ka etsa’ng haeba u ikutloa u le molato ka lebaka la hore ngoana oa hao o holofetse? U hopole hore ha ho na motho ea utloisisang ka botlalo hore na lefutso, tikoloho le lintho tse ling li ka ama bophelo ba ngoana joang. Ka linako tse ling u ka ’na ua batla ho beha molekane oa hao molato. Loantša boikutlo boo. Ho ka ba molemo ha u ka sebelisana hammoho le molekane oa hao ’me le amehe ka ho hlokomela ngoana oa lōna.—Moeklesia 4:9, 10.

TLHAHISO: Ithute ka boloetse ba ngoana oa hao. Bibele e re: “Ho hlokahala bohlale ho aha lelapa le molemo ’me ho hlokahala kutloisiso ho etsa hore le be matla.”—Liproverbia 24:3, New Century Version.

U ka botsa lingaka ’me ua bala lingoliloeng tse nang le boitsebiso bo tšepahalang. U ka ’na ua tšoantša ho ithuta ka boloetse ba ngoana oa hao le ho ithuta puo e ncha. Qalong ho tla ba thata empa qetellong u tla e tseba.

Carlo le Mia, ba qotsitsoeng selelekeleng, ba ile ba batla boitsebiso ho ngaka ea bona le ho ba lefapha le sebetsanang le lefu la mora oa bona ka ho khetheha. Ba re: “Ha rea ka ra ithuta feela ka mathata ao re ka a lebellang empa re ile ra boela ra ithuta ka lintho tseo motho ea nang le bothata bona ba mora oa rōna a ka li etsang. Re ile ra hlokomela hore mora oa rōna a ka khona ho phela joaloka bana ba bang. Sena se ile sa re tšelisa haholo.”

LEKA HO ETSA TJENA: Ameha ka seo ngoana oa hao a ka khonang ho se etsa. Etsang lintho le le lelapa. Ha ngoana oa hao a etsa ntho e itseng e ntle, leha e ka ba nyenyane hakae, potlakela ho mo babatsa ’me u thabe le eena.

BOTHATA BA BOBELI: U IKUTLOA U KHATHETSE EBILE HO SE NA MOTHO EO U KA BUANG LE EENA.

Ho hlokomela ngoana oa hao ea kulang, e ka ’na ea e-ba ntho e khathatsang haholo. Jenney, ’mè ea lulang New Zealand, o re: “Lilemo tse ’maloa ka mor’a hore ho fumanoe hore mora oa ka o na le lefu le mo holofalitseng mokokotlo, ke ne ke lula ke khathetse, ke lla ke sa khone le ho etsa mesebetsi ea ntlo.”

Bothata bo bong ke hore u ikutloa eka ha ho na motho eo u ka buang le eena. Ben o na le ngoana ea nang le lefu la ho nyebella mesifa le lefu le amang methapo ea kutlo. O re: “Batho ba bangata ba ke ke ba utloisisa hore na bophelo ba rōna bo joang.” U ka ’na ua lakatsa ho buisana le motho ea itseng. Empa ua fumana hore metsoalle ea hao e na le bana ba phetseng hantle. Joale ebe u ba leqe hore u ka ba bolella mathata a hao.

TLHAHISO: Kōpa thuso ’me u e amohele ha u e fuoa. Juliana ea qotsitsoeng pejana, o re: “Ka linako tse ling ’na le monna oa ka re tšaba ho kōpa thuso.” Leha ho le joalo, o phaella ka ho re: “Re ile ra hlokomela hore re hloka thuso ea batho ba bang. Ha batho ba bang ba re thusa, ha re ikutloe eka re lahlehile.” Haeba motsoalle ea haufi kapa setho sa lelapa se ithaopela ho lula le ngoana oa hao ’mokeng kapa sebokeng sa Bokreste, amohela thuso eo. “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Itlhokomele ’meleng. Joalokaha ho hlokahala hore ambulense e ’ne e tšele peterole e le hore e tsoele pele ho nka bakuli, u lokela ho imatlafatsa ka ho ja hantle, ho ikoetlisa le ho phomola e le hore u ’ne u tsoele pele ho fa ngoana oa hao tlhokomelo eo a e hlokang. Javier, ea nang le ngoana ea sa khoneng ho tsamaea, o beha taba tjena: “Kaha mora oa ka ha a khone ho tsamaea, ke leka ho ja lijo tse ’matlafatsang, e le hore ke khone ho mo khanna ka setulo sa likooa.”

U ka fumana nako ea ho itlhokomela joang e le hore u phele hantle ’meleng? Batsoali ba bang ba chenchana ka ho hlokomela ngoana. Kahoo motsoali e mong a ka phomola kapa a iketsetsa mesebetsi e meng ea hae. Ho ka ’na ha e-ba thata, empa ho ka hlokahala hore u tlohele ho etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa e le hore u ka khona ho hlokomela bophelo ba hao. Empa Mayuri, e leng ’mè ea lulang India, o re: “Qetellong oa tloaela.”

Bua le motsoalle eo u mo tšepang. Esita le metsoalle ea hao e se nang bana ba kulang, e ka khona ho u  tšelisa. U ka boela ua rapela Jehova Molimo. Na ho rapela ho ka thusa? Yazmin ea nang le bana ba babeli ba nang le lefu le bakang bothata ba tšilo ea lijo le le etsang hore ho be thata ho hema, o re: “Ka linako tse ling ho ba thata hoo ke utloang eka kea shoa ke ho bipetsana.” Empa o re: “Ke rapela Jehova e le hore nka imoloha le hore a mphe matla. Ebe ke ikutloa ke matlafetse.”—Pesaleme ea 145:18.

LEKA HO ETSA TJENA: Hlahloba seo u se jang, hore na ua ikoetlisa le hore na u robala nako e kae. Sheba hore na ke lintho life tseo e seng tsa bohlokoa tseo u ka li tlohelang e le hore u ka fumana nako ea ho itlhokomela ’meleng. U ka lula u feto-fetola tsela eo u etsang lintho ka eona ho latela litlhoko tsa hao.

BOTHATA BA BORARO: U TSOTELLA NGOANA EA KULANG HO FETA LITHO TSE LING TSA LELAPA LA HAO.

Ha ho e-na le ngoana ea kulang lapeng, seo se ka ama lijo tseo le li jang, libaka tseo le li etelang le nako eo batsoali ba e qetang le ngoana ka mong. Sena se ka etsa hore bana ba bang ba ikutloe ba sa tsotelloe. Ho feta moo, batsoali ba ka ameha haholo ka ho hlokomela ngoana ea kulang hoo ba ka iphumanang ba se ba hula ka thata lenyalong la bona. Lionel, ntate e mong ea lulang Liberia, o re: “Ka linako tse ling mosali oa ka o re o hlokomela mora oa rōna a le mong ’me ’na ha ke na taba le ngoana. Ke ikutloa eka ha a ntlhomphe ’me ka linako tse ling ke mo araba ka tsela e sa bontšeng mosa.”

TLHAHISO: E le hore u kholise bana ba bang ba hao hore ua ba tsotella, behella nako ka thōko e le hore le etse lintho tseo ba li thabelang. Jenney, ea qotsitsoeng pejana, o re: “Ka linako tse ling re etsetsa mora oa rōna e moholo ntho eo a e ratang, leha e le feela ho ja reschorenteng eo a e ratang.”

Bontša bana bohle ba hao hore ua ba tsotella

E le hore u sireletse lenyalo la hao, buisana le molekane oa hao ’me le rapele ’moho. Aseem, e leng ntate ea lulang India eo ngoana oa hae a nang le lefu la ho oa, o re: “Le hoja ka linako tse ling ’na le mosali oa ka re ikutloa re khathetse ebile re ferekane, re ipha nako ea ho lula fatše, re bue ’me re rapele hammoho. Hoseng ho hong le ho hong pele bana ba tsoha, re qeta nako re le ’moho re buisana ka temana e tsoang ka Bibeleng.” Banyalani ba bang ba buisana ba le bang pele ba robala. Ha le buisana moo le leng babeli feela ’me le rapela ka tieo, seo se tla matlafatsa lenyalo la lōna linakong tsa khatello e matla. (Liproverbia 15:22) Banyalani ba bang ba re: “Linako tse monate ka ho fetisisa tseo re li hopolang ke matsatsing ao ho neng ho le thata ka ’ona.”

LEKA HO ETSA TJENA: Babatsa bana ba bang ba hao ka thuso eo ba e fang ngoana ea kulang. Lula u ntse u bolella bana le molekane oa hao hore ua ba rata ’me ua ba ananela.

U SE KE UA LAHLA TŠEPO

Bibele e tšepisa hore haufinyane Molimo o tla felisa bokooa ba mefuta eohle le maloetse ’ohle a amang bana le batho ba baholo. (Tšenolo 21:3, 4) Ka nako eo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” *Esaia 33:24.

Ho fihlela nako eo e fihla, u ka khona ho atleha ho hōlisa ngoana oa hao ea holofetseng ka katleho. Carlo le Mia, ba qotsitsoeng pejana, ba re: “Le se ke la nyahama ha ho bonahala eka lintho ha li tsamaee hantle. Nahanang ka lintho tse ngata tse ntle tseo ngoana oa lōna a khonang ho li etsa.”

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 29 U ka bala ho eketsehileng ka seo Bibele e se tšepisang mabapi le bophelo bo botle bo phethahetseng, khaolong ea 3 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

IPOTSE . . .

  • Ke’ng seo ke se etsang hore ke ipoloke ke le matla ka hohle kamoo nka khonang ’meleng, maikutlong le kamanong ea ka le Molimo?
  • Ke qetetse neng ho babatsa bana ba bang ba ka ka thuso ea bona?