Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PALE EA BOPHELO

“Ke Ile ka Bona, Empa ha Kea ka ka Utloisisa”

“Ke Ile ka Bona, Empa ha Kea ka ka Utloisisa”

Ke ne ke le lilemo li peli ka 1975 ha ’Mè a ne a belaela hore ho na le ho hong ho sa tloaelehang ka ’na. ’Mè o ne a nkukile ha motsoalle oa hae a liha ntho e boima e ileng ea etsa lerata le leholo. ’Mè o ile a hlokomela hore ha kea ka ka nyaroha le hanyenyane. Ha ke le lilemo li tharo, ke ne ke ntse ke sa khone ho bua. Eaba lelapa leso le bolelloa litaba tse tšosang—ngaka e ile ea bolela hore ke setholo!

Ha ke ne ke sa le lesea, batsoali ba ka ba ile ba hlalana ’me ’Mè o ile a tlameha hore a hōlise ’na le baholoane ba ka ba babeli le khaitseli ea rōna. Ka nako eo, naheng ea Fora, bana bao e leng litholo ba ne ba sa rutoe joaloka hona joale, ebile le mekhoa e neng e sebelisoa ho ba ruta e ne e le e ba utloisang bohloko. Leha ho le joalo, ho tloha bongoaneng ke ne ke e-na le monyetla oo bana ba bang bao e leng litholo ba neng ba se na oona. E-re ke hlalose.

Ha ke le lilemo tse ka bang tse hlano

Ka nako e itseng, barupeli ba bangata ba kile ba nahana hore bana bao e leng litholo ba lokela ho rutoa ho bitsa mantsoe le ho sheba motho molomong ebe ba latela hore na o re’ng. Ha e le hantle, Fora moo ke hōletseng teng, ho sebelisa puo ea matsoho ho ne ho thibetsoe ka hohle-hohle sekolong. Bana ba bang ba ne ba bile ba tlamelloa matsoho ka morao nakong ea lithuto.

Ha ke sa le ngoana, ke ne ke qeta lihora tse itseng beke le beke ke e-na le ngaka e thusang batho ka puo. Ke ne ke tšoaroa ka mehlahare kapa hloohong ebe ke qobelloa hore ke ’ne ke etsise melumo eo ke sa e utloeng. Ke ne ke sa khone ho bua le bana ba bang. Ruri tseo e ne le linako tse thata bophelong ba ka.

Kahoo, ha ke le lilemo li tšeletseng ke ile ka isoa sekolong sa litholo se nang le bolulo. E ne e le ka lekhetlo la pele ke kopana le bana ba sa utloeng litsebeng joaloka ’na. Le mona ho sebelisa puo ea matsoho ho ne ho thibetsoe. Haeba re ne re ka fumanoa re bua ka matsoho ka tlelaseng, re ne tlangoa matsoho kapa re huloa ka moriri. Leha ho le joalo, re ne re bua ka matsoho ka sekhukhung, re sebelisa matšoao ao re iqapetseng ’ona. Qetellong, ke ne ke khona ho bua le bana ba bang. Lilemo tseo tse ’nè ke ile ka li qeta ke thabile.

Leha ho le joalo, ha ke le lilemo li leshome ke ile ka isoa sekolong sa praemari sa bana ba utloang litsebeng. Ke ne ke ferekane! Ke ne ke nahana hore bana bao e leng litholo ba ne ba shoele kaofela ’me ho setse ’na feela lefatšeng. Lelapa leso ha lea ka la ithuta puo ea matsoho ebile ha kea ka ka lumelloa ho kopana le bana ba sa utloeng litsebeng kaha ngaka e ile ea bolela hore seo se ne se tla etsa hore ke se ke ka ithuta ho bua. Ke ntse ke hopola mohla re neng re ile ngakeng e sebetsanang le mathata a ho utloa. Ho ne ho e-na le buka ea puo ea matsoho tafoleng ea hae. Ha ke bona litšoantšo tse sekoahelong sa buka eo, ke ile ka e supa ka re, “Kea e batla!” Ngaka e ile ea pata buka eo kapele. *

 KE QALA HO ITHUTA LINNETE TSA BIBELE

’Mè o ne a leka ho re hōlisa ka tsela ea Bokreste. O ne a e-ea le rōna libokeng tsa Phutheho ea Mérignac ea Lipaki Tsa Jehova, e haufi le motse oa Bordeaux. Ha ke sa le ngoana ke ne ke sa utloisise hakaalo se neng se rutoa libokeng. Leha ho le joalo, batho ba phutheho ba ne ba chenchana ka ho lula le ’na ’me ba ’ngolla lintlha tseo ho ntseng ho buuoa ka tsona. Ke ile ka angoa maikutlo ke lerato la bona le tsela eo ba neng ba ntsotella ka eona. ’Mè o ne a ithuta Bibele le ’na lapeng, empa ke ne ke sa utloisise ka botlalo seo ke neng ke ithuta sona. Ke ile ka ikutloa joaloka moprofeta Daniele, eo ka mor’a hore lengeloi le mo fe boprofeta, a ileng a re: “Ke ile ka utloa, empa ha kea ka ka utloisisa.” (Daniele 12:8) Tabeng ea ka e ne e le hore, “Ke ile ka bona, empa ha kea ka ka utloisisa.”

Leha ho le joalo, hanyane ka hanyane linnete tsa Bibele li ne li ntse li thopothela ka ho ’na. Lintho tseo ke neng ke li utloisisa e ne e e-ba boshoa-bo-tšoere ’me ke ne ke leka ho li sebelisa bophelong ba ka. Hape ke ne ke ithuta ka ho sheba boitšoaro ba batho ba bang. Ka mohlala, Bibele e re ruta hore re se fele pelo. (Jakobo 5:7, 8) Ke ne ke sa utloisise hakaalo hore na ho se fele pelo ho bolela’ng. Empa ha ke bona kamoo Bakreste-’moho ba neng ba bontša tšobotsi ena kateng, ke ile ka khona ho utloisisa. Ruri ke ruile molemo o moholo ka ho ba phuthehong ea Bokreste.

KE BA LE THABO E HLOLLANG KA MOR’A HO SOETSEHA HABOHLOKO

Stéphane o ile a nthusa hore ke utloisise Bibele

Ka letsatsi le leng ke ile ka bona bacha ba bang bao e leng lithaka tsa ka ba ntse ba buisana ka puo ea matsoho. Ke ile ka qala ho tloaelana le bona ka lenyele ’me ka qala ho ithuta Puo ea Matsoho ea Fora. Ke ile ka tsoela pele ho ea libokeng tsa Bokreste ’me ho ne ho e-na le mocha e mong oa Paki, e leng Stéphane, ea neng a ntlhokometse haholo. O ne a leka kahohle ho buisana le ’na ’me re ile ra ba metsoalle ea hlooho ea khomo. Empa hamorao ke ile ka soetseha habohloko. Stéphane o ile a koalloa chankaneng hobane a ne a hana ho kenela sesole. Ke ile ka sithabela haholo! Nakong ea ha Stéphane a ntse a le chankaneng, ke ile ka qala ho nyahama hoo ke ileng ka batla ke khaotsa ho ea libokeng.

Stéphane o ile a lokolloa chankaneng ka mor’a likhoeli tse 11. Ke ile ka hlolloa ha ke bona Stéphane a bua le ’na ka puo ea matsoho. Ke ne ke sa lumele seo ke se bonang! Ho ne ho etsahetse’ng? Ha a ntse a le chankaneng, Stéphane o ile a ithuta Puo ea Matsoho ea Fora. Ha ke ntse ke shebile Stéphane a bua puo ena a tsamaisa matsoho le sefahleho, ke ne ke thabile ha ke nahana feela hore na ke tl’o thuseha hakaakang!

QETELLONG KE UTLOISISA ’NETE EA BIBELE

Stéphane o ile a qala ho ithuta Bibele le ’na. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka kopanya lithuto tsohle tseo ke ithutileng tsona pele eaba ke qala ho utloisisa ’nete ea Bibele. Ha ke sa le ngoana, ke ne ke ithuta ka ho sheba litšoantšo tse ntle tse hlahang libukeng tsa rōna tsa Bibele, ebe ke bapisa seo ke ithutang sona le se litšoantšong ’me seo se ne se etsa hore lintho tseo ke ithutang tsona li lule ka kelellong. Ke ne ke tseba ka Abrahama, “peō” ea hae le ka “bongata bo boholo,” empa ke ile ka khona ho utloisisa lintho tsena hantle ha ke li bona li hlalosoa ka puo ea matsoho. (Genese 22:15-18; Tšenolo 7:9) Ho ile ha totobala hore ke ne ke fumane puo eo ke e utloisisang, e finyellang pelo ea ka.

Lintho tseo ke neng ke ithuta tsona libokeng li ne li nkama pelo kaha joale ke ne ke se ke li utloisisa ’me ke ne ke batla ho tseba ho eketsehileng. Ka thuso ea Stéphane, tsebo ea ka ea Bibele e ile ea ’na ea hōla ’me ka 1992, ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova Molimo ka hore ke kolobetsoe. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe tsoelo-pele eo ke neng ke e entse, ke ne ke ntse ke le lihlong ke bile ke sa phutholohe ha ke le har’a batho ka lebaka la hore ha ke sa le ngoana, ke ne ke sa khone ho buisana le batho.

HO LOANTŠANA LE HO BA LIHLONG

Qetellong, sehlotšoana sa puo ea matsoho seo ke neng ke le ho sona se ile sa kopanngoa le phutheho ea Pessac, e motseng oa Bordeaux. Seo e ile ea e-ba thuso  e khōlō ’me ke ile ka hatela pele linneteng tseo ke neng ke ithuta tsona. Le hoja ho ne ho ntse ho le thata ho buisana le batho, metsoalle ea ka e utloang e ne e etsa bonnete ba hore ke utloisisa lintho tsohle tseo e li buang. Banyalani ba bang, e leng Gilles le Elodie, ba ne ba leka kahohle ho buisana le ’na. Hangata ba ne ba ’mema hore ke tl’o ja le bona kapa ho phoka tee le bona, seo se ile sa etsa hore re be metsoalle e meholo. Ke ho thabisang hakaakang ho ba har’a batho ba latelang melao ea Molimo e bontšang hore oa re rata!

Mosali oa ka, Vanessa, o ntšehetsa haholo

Ke hona phuthehong ena moo ke ileng ka kopana le mosali e motle ea bitsoang Vanessa. Ke ile ka khahloa ke hore o ne a nahanela maikutlo a batho ba bang a bile a rata hore lintho li etsoe ka toka. Ho e-na le hore a nke ho se utloe ha ka litsebeng e le tšitiso, o ile a bona e le monyetla oa hore a ithute puo ea matsoho. O ile a hapa pelo ea ka ’me re ile ra nyalana ka 2005. Le hoja ho se bonolo ho buisana le batho, Vanessa o ile a nthusa hore ke loantšane le ho ba lihlong ’me ke khone ho ntša maikutlo a ka ka bolokolohi. Ke ananela tsela eo a ntšehetsang ka eona ha ke ntse ke phetha boikarabelo ba ka.

MPHO E ’NGOE E TSOANG HO JEHOVA

Selemong seo re nyalaneng ka sona, ke ile ka fumana memo e tsoang ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Fora motseng oa Louviers, hore ke il’o qeta khoeli ke koetlisetsoa mosebetsi oa phetolelo. Lilemong tseo, lekala le ne le ntse le sebetsa ka thata ho etsa likhatiso tse ’maloa tsa DVD tsa Puo ea Matsoho ea Fora. Empa kaha ho ne ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata, lefapha la phetolelo le ne le hloka batho ba eketsehileng.

Ke fana ka puo ea Bibele ka Puo ea Matsoho ea Fora

’Na le Vanessa re ne re ho nka e le tokelo e khōlō ebile e le mpho e tsoang ho Jehova Molimo hore ke sebeletse lekaleng, empa ’nete ke hore ho ne ho e-na le lintho tse re tšoenyang. Ho ne ho tla etsahala’ng ka sehlopha sa rōna sa puo ea matsoho? Re ne re tla etsa’ng ka ntlo ea rōna? Na Vanessa o ne a tla fumana mosebetsi sebakeng seo? Ka tsela e hlollang, Jehova o ile a re thusa ho rarolla bothata bo bong le bo bong. Ka sebele, ke ile ka hlokomela hore Jehova oa re rata le hore o rata le litholo.

KE THUSOA KE BATHO BA BONNGOENG

Kaha joale ke se ke etsa mosebetsi oa phetolelo, ke khona ho bona ka ho hlaka se etsoang ho thusa batho ba sa utloeng litsebeng hore ba tsebe Molimo. Ke thaba hakaakang ha ke ho bona batho bao ke sebetsang le bona ba leka ho bua le ’na ka puo ea matsoho! Ha ke bona ba leka ho sebelisa matšoao a seng makae ao ba ithutang ’ona, seo se nkama maikutlo. Ho hang ha ke ikutloe ke le mokhelo. Lerato lena le bonahala ka ho hlaka har’a batho ba Jehova ba nang le bonngoe bo ikhethang.—Pesaleme ea 133:1.

Ke sebetsa Lefapheng la Phetolelo ofising ea lekala

Ke leboha Jehova haholo ka ho sebelisa phutheho ea Bokreste ho etsa bonnete ba hore ho na le motho ea nthusang ka linako tsohle. Hape ke ananela hore ebe ke kentse letsoho ho thusa batho ba sa utloeng litsebeng joaloka ’na hore ba tsebe ’Mōpi oa rōna ea lerato le hore ba be le kamano e haufi le eena. Ke lebeletse ka tjantjello nakong eo batho bohle ba tla beng ba utloana ka puo ’me ba bua ‘puo e hloekileng’—e leng ’nete ka Jehova Molimo le ka merero ea hae—e le karolo ea lelapa la batho le bonngoeng.—Sofonia 3:9.

^ ser. 9 Ho tloha ka 1991 ’muso oa Fora o ile oa qala ho lumella ka molao hore ho sebelisoe puo ea matsoho ho ruta bana bao e leng litholo.