Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Molimo ke motho ea joang?

Molimo ke motho oa moea ea sa bonahaleng. O bōpile maholimo, lefatše le lintho tsohle tse phelang. Ha ho na motho ea bōpileng Molimo—ha a na qalo. (Pesaleme ea 90:2) Molimo o batla hore batho ba mo batle ’me ba tsebe ’nete ka eena.—Bala Liketso 17:24-27.

Molimo ke motho eo re ka mo tsebang ka lebitso. Re ka khona ho tseba litšobotsi tsa hae ka ho nahanisisa ka lintho tseo a li entseng. (Baroma 1:20) Empa e le hore re tsebe Molimo hantle, re lokela ho ithuta Lentsoe la hae, Bibele. Le etsa hore re tsebe botho ba Molimo bo ratehang.—Bala Pesaleme ea 103:7-10.

Molimo o ikutloa joang ka ho hloka toka?

Mōpi oa rōna, Jehova, o hloile ho hloka toka. Hape o bōpile batho ka setšoantšo sa hae. (Deuteronoma 25:16) Ke kahoo boholo ba rōna re hloileng ho hloka toka. Hase Molimo ea bakang ho hloka toka ho teng lefatšeng. Molimo o file batho bolokolohi ba hore ba ikhethele hore na ba batla ho phela joang. Ka masoabi, batho ba bangata ba sebelisa bolokolohi boo hampe ka hore ba tšoare batho ba bang ka ho hloka toka. Pelo ea Jehova e utloa bohloko.—Bala Genese 6:5, 6; Deuteronoma 32:4, 5.

Jehova o rata toka ’me a ke ke a mamella ho hloka toka ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:28, 29) Bibele e tšepisa hore haufinyane Molimo o tla felisa ho hloka toka.—Bala 2 Petrose 3:7-9, 13.

Bibele e tšepisa hore haufinyane Molimo o tla etsa hore ho be le toka lefatšeng