Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o Batla Hore Malumeli a Kopane?

Na Molimo o Batla Hore Malumeli a Kopane?

“Na bolumeli boa re momahanya kapa boa re arola?” Potso eo e ile ea botsoa babali ba koranta ea The Sydney Morning Herald. Har’a batho ba ileng ba araba, ba bangata ba bona—e leng ba liphesente tse 89—ba nahana hore bolumeli bo arohanya batho.

LEHA ho le joalo, batho ba tšehetsang taba ea hore malumeli a lokela ho kopana, ha ba nahane joalo. Eboo Patel, eo e leng mothehi oa Mokhatlo oa Bacha oa ho Kopanya Malumeli, o re: “Ha ho na bolumeli bo sa khothalletseng batho ho qenehelana . . . , ho hlokomela tikoloho . . . , ho fana le ho amohelana.”

Ka sebele, Mabuddha, Mak’hatholike, Maprostanta, Mahindu, Mamosleme le batho ba bang ba bangata ba ’nile ba sebetsa ’moho ho loantša bofutsana, ho loanela litokelo tsa botho, ho loanela ho felisa liqhomane tsa fatše kapa ho ameha ka litaba tsa tikoloho. Malumeli a fapa-fapaneng a ’nile a ikopanya e le hore a leke ho utloisisana le ho khothatsana. Malumeli ana a keteka ho kopana ha ’ona le hoja a fapane ka hore a etse litšebeletso tsa ho khantša likerese, lithapelo, mekete ea ’mino le ka ho etsa lintho tse ling.

Na ho kopana ha malumeli ho ka felisa lintoa tse teng pakeng tsa malumeli? Na ho kopanya malumeli ke tsela eo Molimo a e sebelisang ho etsa hore lefatše e be sebaka se molemo?

NA RE KA LAHLA TUMELO E LE HORE HO BE LE BONNGOE?

O mong oa mekhatlo e meholo ka ho fetisisa oa ho kopanya malumeli o ithorisa ka hore litho tsa oona li emela malumeli a fapaneng a fetang 200 ’me o sebetsa linaheng tse 76. O bolela hore sepheo sa oona ke “ho khothalletsa hore malumeli a mamellane le ho sebelisana hammoho.” Leha ho le joalo, seo ha sea ka sa khoneha. Ka mohlala, ho latela bahlophisi, tokomane ea oona ea molao-motheo e ne e lokela ho ngoloa ka hloko e le hore o se ke oa khopisa malumeli a mangata a e saenneng. Hobane’ng? Lebaka le leng e ne e le hore ho ne ho e-na le ho se lumellane tabeng ea hore Molimo o lokela ho kenngoa tokomaneng eo na. Qetellong ho ile ha qojoa hore ho buuoe ka Molimo ka ho feletseng.

Haeba ho sa buuoe ka Molimo, na ho ba le tumelo e sa le habohlokoa? Mokhatlo o joalo, o fapana kae le mekhatlo e thusang batho ba hlokang ka lichelete? Ke kahoo mokhatlo ona oo ho sa tsoa buuoa ka oona o sa ipoleleng hore ke oa bolumeli empa e le “mokhatlo o khothalletsang tšebelisano-’moho.”

NA HO KHOTHALLETSA BATHO HO ETSA LINTHO TSE NTLE HO LEKANE?

Dalai Lama, motšehetsi ea hlaheletseng oa ho kopanngoa ha malumeli, o re: “Lithuto tsohle tse ka sehloohong tsa malumeli, li na le molaetsa o tšoanang: e leng hore batho ba ratane, ba be le kutloelo-bohloko ’me ba tšoarelane.” O phaella ka ho re: “Ntho ea bohlokoa ke hore re lokela ho bontša litšobotsi tsena letsatsi le letsatsi.”

 Ke ’nete hore ke habohlokoa hore batho ba ratane, ba be le kutloelo-bohloko ’me ba tšoarelane. Ha Jesu a bua ka seo batho ba ’nileng ba se bitsa Molao oa Khauta, o ile a re: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Empa na ho ba le tumelo ea ’nete ke feela ho khothalletsa batho hore ba etse lintho tse molemo?

Ha moapostola Pauluse a bua ka batho ba mehleng ea hae ba neng ba ipolela hore ba sebeletsa Molimo, o ile a re: “Kea ba pakela hore ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.” Bothata e ne e le eng? Pauluse o ile a re: ‘Ka lebaka la ho se tsebe ho loka ha Molimo, ba ne ba batla ho tiisa [ho loka] ha bona.’ (Baroma 10:2, 3) Ka lebaka la hore ba ne ba sa tsebe hore na Molimo o ne a batla hore ba etse’ng, ruri cheseho le tumelo ea bona e ne e le tsa lefeela.—Matheu 7:21-23.

BIBELE E RE’NG KA HO KOPANYA MALUMELI?

Jesu o ile a re: “Ho thaba ba nang le khotso.” (Matheu 5:9) Jesu o ne a phela tumellanong le lintho tseo a neng a li ruta ka hore a khothalletse batho hore ba be le khotso le ho isetsa batho ba tsoang malumeling a fapaneng molaetsa oa khotso. (Matheu 26:52) Batho ba ileng ba amohela molaetsa oo ba ile ba ba le tlamahano e matla ea lerato. (Bakolose 3:14) Empa na morero oa Jesu e ne e le feela ho kopanya batho ba tsoang limelong tse fapaneng e le hore ba phelisane ka khotso? Na o ile a kopanela le batho ba bang malumeling a bona?

Baeta-pele ba bolumeli ba Bafarisi le ba Basaduse ba ne ba hanyetsa Jesu ka bohale—ba bile ba batla ho mo bolaea. Jesu o ile a etsa’ng? O ile a laela barutuoa ba hae a re: “Ba tloheleng. Ke batataisi ba foufetseng.” (Matheu 15:14) Jesu ha aa ka a kopanela bolumeli le batho ba joalo.

Hamorao, ho ile ha thehoa phutheho ea Bokreste Korinthe, Greece—e leng motse o neng o tsebahala ka hore o na le malumeli a fapa-fapaneng. Bakreste ba lulang moo ba ne ba lokela ho etsa’ng? Moapostola Pauluse o ile a ba bontša ka ho hlaka hore ba ne ba sa lokela ho kopanela le batho ba bang borapeling ba bona, ha a ne a re: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.” Hobane’ng? Pauluse o ile a re: “Ho na le tumellano efe pakeng tsa Kreste le Beliale [kapa Satane]? Kapa motho ea tšepahalang o na le kabelo efe le ea sa lumelang?” Eaba o fana ka keletso ena: “Ka hona tsoang har’a bona, ’me le ikarole.”—2 Bakorinthe 6:14, 15, 17.

Ho hlakile hore Bibele ha e lumellane le ho kopanya malumeli. Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Joale ke joang batho ba ka bang bonngoeng e le kannete?’

HO BA LE BONNGOE BA SEBELE

International Space Station—e leng sathalaete e hlollang e potolohang sepakapakeng—e ile ea kopaneloa ke lichaba tse ka bang 15 e le hore e hahoe. U ka inahanela feela hore na mosebetsi ona o ne ka etsoa joang haeba lichaba tsena li sa ka tsa lumellana ka polane e lokelang ho sebelisoa.

Ke sona se etsahalang ka mekhatlo ea kajeno e kopanyang malumeli. Le hoja e buella tšebelisano-’moho le hore batho ba hlomphane, ha e khone ho lumellana hore na e ka sebelisa polane efe ea ho haha tumelo. Ka lebaka leo, ho hang ha e lumellane litabeng tsa boitšoaro le lithutong tsa bolumeli.

Bibele e na le melao ea Molimo e tšoanang le polane. Re ka phela ho latela seo Bibele e se buang. Batho ba amohetseng seo Bibele e se rutang, ba hlōtse khethollo ea morabe le ea bolumeli ’me ba ithutile ho sebetsa hammoho ka khotso le bonngoe. Ha Molimo a bolela sena esale pele, o ile a re: “Ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.” Ntho e kopanyang batho ke hore ba bue ‘puo e hloekileng,’ e leng melao eo Molimo a batlang hore batho ba mo rapelang ba e latele.—Sofonia 3:9; Esaia 2:2-4.

Lipaki Tsa Jehova li u mema ka mofuthu hore o tle Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang teng e le hore u iponele khotso e tsotehang le bonngoe tse teng har’a tsona.—Pesaleme ea 133:1.