Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lefu la Jesu le re thusa joang?

Ha Molimo a ne a bōpa batho, morero oa hae e ne e le hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng, ho se mohla ba kulang kapa ba shoang. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho se mamele ’Mōpi, motho oa pele Adama, ha aa ka a tsoela pele a phela ka ho sa feleng. Kaha re bana ba Adama, o re sietse lefu e le lefa. (Baroma 5:8, 12; 6:23) Molimo oa ’nete, Jehova, o ile a romela Mora oa hae, Jesu, lefatšeng ho tla re shoela le ho re lopolla lefung.—Bala Johanne 3:16.

Lefu la Jesu le etsa hore batho ba fumane bophelo bo sa feleng. U nahana hore bophelo bo tla ba joang lefatšeng ha re se re sa shoe?

Lefu la Jesu le etsa hore re tšoareloe libe ’me re fumane bophelo bo sa feleng. Bibele e re thusa ho bona hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng ha re se re sa tsofale, re sa kule ’me re sa shoe.—Bala Esaia 25:8; 33:24; Tšenolo 21:4, 5.

Re lokela ho hopola lefu la Jesu joang?

Bosiung ba pele a e-shoa, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba hopole lefu la hae ka ho tšoara tšebeletso e itekanetseng. Ho hopola lefu la Jesu ka tsela eo selemo le selemo, ho re thusa hore re nahanisise kamoo Jesu le Jehova ba ratang batho kateng.—Bala Luka 22:19, 20; 1 Johanne 4:9, 10.

Selemong sena, Sehopotso sa lefu la Jesu se tla ba ka Mantaha oa la 14 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Re u mema hore u be teng Sehopotsong le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno.—Bala Baroma 1:11, 12.