Thomas Emlyn—Na e ne e le Monyefoli kapa Moemeli oa ’Nete?
THOMAS EMLYN e ne e le mang, hona ke eng e ileng ea mo susumetsa hore a emele ’nete? Ke eng seo re ka ithutang sona ho eena se ka re thusang kajeno?
E le hore re arabe potso eo, a re ke re khutlele morao koana qetellong ea lilemo tsa bo-1700 le mathoasong a lilemo tsa bo-1800 Engelane le Ireland. Ka nako eo Kereke ea Chache e ne e e-na le matla a maholo. Lihlopha tse ’maloa tsa Maprostanta li ne li hanyetsa lithuto le meetlo ea kereke.
E NE E LE MANG?
E ne e le tlas’a maemo a boletsoeng ka holimo ha Thomas Emlyn a hlaha ka la 27 May, 1663, Stamford, Lincolnshire, Engelane. O ile a fana ka thero ea hae ea pele ha a le lilemo li 19. Hamorao e ile ea e-ba moruti ea neng a rapella masole a mosali ea hlomphehang ea neng a lula London; ka mor’a moo a fallela Belfast, Ireland.
Ha a le Belfast, qetellong e ile ea e-ba moeta-pele kerekeng. Ha nako e ntse e e-ea, Emlyn e ile ea e-ba moruti libakeng tse fapaneng ho akarelletsa le Dublin.
KE HOBANE’NG HA A ILE A QOSOA KA HORE KE MONYEFOLI?
Nakong eo, Emlyn o ne a ithuta Bibele ka hloko. Ha a ntse a ithuta o ile a qala ho belaela thuto ea Boraro-bo-bong, le hoja qalong a ne a e lumela. Ha a ntse a hlahloba Likosepele, o ile a kholiseha hore li ne li lumellana le lintho tseo a neng a ithutile tsona.
Emlyn ha aa ka a bua ka seo a neng a ithuta sona hang-hang. Leha ho le joalo, ba bang kerekeng ea hae e Dublin ba ile ba hlokomela hore ha a rera, ha a sa bua ka Boraro-bo-bong. Kaha o ne a tseba hore batho ba ne ba ke ke ba amohela seo a ithutileng sona, o ile a ngola a re: “Nke ke ka hlola ke khona ho tsoela pele ke le moruti.” Ka June 1702, basebetsi-’moho le eena ba babeli ba ile ba mo botsa hore na ke hobane’ng ha a se a sa bue ka Boraro-bo-bong ha a rera. Emlyn o ile a ba bolella hore ha a sa lumela thuto eo ’me a itokolla mosebetsing.
Ka mor’a matsatsi a ’maloa, o ile a tloha Dublin, Ireland ’me a ea Engelane. Empa o ile a khutlela Dublin ka mor’a libeke tse leshome e le hore a e’o lokisa litaba tse itseng, a ikemiselitse ho fallela London ruri. Ha a ntse a le Dublin, o ile a hatisa buka e bitsoang An Humble Inquiry Into the Scripture-Account of Jesus Christ ka morero oa hore a tiise maikutlo a hae. Bukeng ena o ile a fana ka bopaki ba Mangolo bo hlakileng mabapi le hore na ke hobane’ng ha re ka re Jesu hase Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. Sena se ile sa halefisa bao e neng e le litho tsa kereke ea Emlyn e Dublin. Ba ile ba hlahlela nyeoe khahlanong le eena.
Emlyn o ile a tšoaroa ’me a hlaha ka pel’a Lekhotla la Mofumahali le Dublin, ka la 14 June, 1703. Bukeng ea hae e bitsoang True Narrative of the Proceedings, Emlyn o bolela hore o qosetsoa ho “ngola le ho hatisa buka, eo ka hare e reng, ka ho nyefola le ka lonya ke boletse hore Jesu Kreste ha a lekane le Molimo Ntate.” Nyeoe eo ha ea ka ea sebetsoa ka toka. Babishopo ba supileng ba Kereke ea Ireland ba ne ba tšehetsa baahloli. Emlyn o ne a sa lumelloa ho ipuella. Richard Levins eo e neng e le ’muelli ea tummeng o ile a bolella Emlyn hore o tla tsongoa “joaloka phiri.” Qetellong ea nyeoe, Moahloli ea ka Sehloohong oa Ireland, Richard Pyne o ile a bolella lekhotla hore haeba le sa fihlele sephetho se lebeletsoeng, “babishopo ba ne ba le teng,” mohlomong a bolela hore lekhotla le tla fuoa kotlo.
“Ke ikemiselitse ho utloa bohloko ka lebaka la seo ke lumelang hore ke ’nete ka eena [Molimo] le ka khanya ea hae.”—Thomas Emlyn
Ha Emlyn a fumanoa a le molato, ’muelli oa molao o ile a mo bolella hore a hule mantsoe. Emlyn o ile a hana. Ho ile ha thoe a lefe chelete e itseng ’me a ahloleloa ho hlola selemo chankaneng. Ka lebaka la hore ha aa ka a khona ho lefa chelete eo, o ile a hlola lilemo tse peli chankaneng ho fihlela motsoalle oa hae a kōpa ba boholong hore ba e fokotse. Emlyn o ile a lokolloa ka la 21 July, 1705. O ile a tlotlolleha hoo a ileng a bua mantsoe ana a qotsitsoeng pejana a reng: “Ke ikemiselitse ho utloa bohloko ka lebaka la seo ke lumelang hore ke ’nete ka eena [Molimo] le ka khanya ea hae.”
Emlyn o ile a fallela London, moo qetellong a ileng a sebetsa le setsebi se seng sa Bibele, William Whiston, ea ileng a lelekoa kerekeng ka lebaka la ho phatlalatsa seo a neng a nka hore ke ’nete ea Bibele. Whiston o ne a hlompha Emlyn, a mo bitsa “‘mohalaleli oa pele le ea ka sehloohong ea ileng a hlorisetsoa tumelo ea hae’ oa ‘bokreste ba pele.’”
KE HOBANE’NG HA A NE A HANYETSA THUTO EA BORARO-BO-BONG?
Joaloka William Whiston le setsebi se seng se hlomphehang e leng Isaac Newton, Emlyn o ile a fumana hore Bibele ha e lumellane le thuto ea Boraro-bo-bong joalokaha ho bontšitsoe Molao-motheong oa Athanasius. O ile a hlalosa a re: “Ka mor’a hore ke nahanisise le ho ithuta Mangolo a halalelang, . . . ke ile ka hlokomela hore ke ho utloahalang . . . hore ke fetole seo ke neng ke se lumela mabapi le thuto ea Boraro-bo-bong.” O ile a fihlela qeto ea hore “Molimo le Ntate oa Jesu Kreste ke eena feela Motho ea Phahameng ka ho Fetisisa.”
Ke eng se ileng sa etsa hore Emlyn a fihlele qeto eo? O ile a fumana mangolo a mangata a neng a bontša phapang e teng pakeng tsa Jesu le Ntate oa Hae. Mehlala e ’maloa ke ena (seo Emlyn a se buang ka litemana tseo se ngotsoe ka mongolo o tšekaletseng):
Johanne 17:3: “Ha ho mohla Kreste a ileng a re ke Molimo a le mong kapa Molimo ea itseng, joalokaha eka ke eena feela Molimo.” Ke Ntate feela ea bitsoang “Molimo a le mong feela oa ’nete.”
Johanne 5:30: “Mora ha a etse thato ea hae empa o etsa ea Ntate oa hae.”
Johanne 5:26: “Bophelo ba hae o bo filoe ke Ntate.”
Baefese 1:3: “Le hoja hangata Jesu Kreste a bitsoa Mora oa Molimo, ha ho moo re fumanang Ntate a bitsoa Ntate oa Molimo, le hoja hangata a bitsoa Ntate oa Morena oa rōna Jesu.”
Ka mor’a hore Emlyn a hlahlobe bopaki bohle, o ile a bua ka kholiseho a re: “Ha ho na temana ka Mangolong a halalelang, eo le hanyenyane re ka reng ho bonahala eka e re Ntate, Mora le Moea o Halalelang ke motho a le mong.”
RE KA ITHUTA ENG?
Batho ba bangata kajeno ba tšaba ho emela seo Bibele e se rutang. Empa Emlyn o ne a ikemiselitse ho emela ’nete ea Bibele. O ile a botsa potso a re: “Haeba motho a ke ke a bua ka linnete tsa bohlokoa ka ho fetisisa, tseo a hlokomelang hore li hlakile ebile li hlaha ka Mangolong a halalelang, ke hobane’ng ha a lokela ho bala ka tsona le ho li batla?” Emlyn o ne a sa ikemisetsa ho koenehela ’nete.
Mohlala oa Emlyn le ba bang o ka re susumetsa ho nahana hore na ebe re ikemiselitse ho emela ’nete ha batho ba re hloea ka lebaka la seo re se lumelang. Le rōna re ka ipotsa, ‘Ntho ea bohlokoa ke eng—na ke ho hlomphuoa le ho ratoa ke batho kapa ke hore re emele ’nete ea Lentsoe la Molimo?’