Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Ha e le hantle ke mang ea busang lefatše?
Batho ba bangata ba nahana hore ke Molimo ea busang lefatše. Empa haeba seo e ne e le ’nete, na lefatše le ka be le tletse mahlomola hakaale? (Deuteronoma 32:4, 5) Bibele e bolela hore lefatše le laoloa ke motho e mong ea khopo.—Bala 1 Johanne 5:19.
Ho tlile joang hore motho eo ea khopo a laole batho? Qalong ea histori ea batho, ho ile ha e-ba le lengeloi le ileng la fetohela Molimo ’me la susumetsa banyalani ba pele hore le bona ba fetohele Molimo. (Genese 3:1-6) Banyalani bao ba ile ba khetha ho mamela lengeloi leo la lerabele, e leng Satane, eaba e e-ba ’musi oa bona. Molimo ea Matla ’Ohle ke eena feela ea lokelang ho busa batho, empa o batla hore batho ba khethe bobusi ba hae hobane ba mo rata. (Deuteronoma 6:6; 30:16, 19) Ka masoabi, batho ba bangata ba khelositsoe hore ba etse khetho e booatla joaloka banyalani ba pele.—Bala Tšenolo 12:9.
Ke mang ea tla rarolla mathata a batho?
Na Molimo o tla lumella Satane hore a tsoele pele ka puso ea hae e khopo? Che! Molimo o tla sebelisa Jesu hore a felise bokhopo boo Satane a bo bakileng.—Bala 1 Johanne 3:8.
Molimo o tla fa Jesu matla a hore a felise Satane. (Baroma 16:20) Ka mor’a moo, Molimo o tla busa batho ’me a etse hore ba phele ka tsela eo a neng a rerile ka eona ho tloha qalong, ba thabile ebile ba e-na le khotso.—Bala Tšenolo 21:3-5.