Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 MOQOQO LE MOAHELANI

Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela ho Jesu?

Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela ho Jesu?

Moqoqo o latelang ke o tloaelehileng oo e mong oa Lipaki Tsa Jehova a ka bang le oona le moahelani oa hae. A re nke hore Paki e bitsoang Tim e etetse ha ntate ea bitsoang Thabiso.

HO LUMELA HO JESU KE HABOHLOKOA

Tim: Lumela, Thabiso. Ke thabetse ho kopana le uena hape.

Thabiso: Le ’na ke thabetse ho u bona.

Tim: Ke u tletse le limakasine tse ncha tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ke nahana hore ka sebele u tla thabela ho li bala.

Thabiso: Kea leboha. U tlile hantle kajeno hobane ho na le ntho eo ke batlang ho u botsa eona.

Tim: Ho lokile, ke mametse!

Thabiso: Maoba ke ne ke ntse ke bua le mosebetsi-’moho le ’na. Ke ile ka mo bolella ka libuka tsena tseo u ileng ua mpha tsona le kamoo ke thabelang ho li bala kateng. Empa o ile a re ke se ke ka li bala hobane Lipaki Tsa Jehova ha li lumele ho Jesu. Na ke ’nete? Ke ile ka mo bolella hore ke tla u botsa mohla u khutlang.

Tim: U entse hantle ua mpotsa. Ke thabela le hore u botsa e mong oa Lipaki eseng motho e mong. Ho feta moo, ho molemo ho botsa motho ka boeena ka seo a se lumelang ho e-na le ho botsa motho e mong.

Thabiso: Ke ile ka nahana joalo.

Tim: ’Nete ke hore Lipaki Tsa Jehova li lumela ho Jesu. Ha e le hantle, re lumela hore ho bontša tumelo ho Jesu ke habohlokoa haeba re batla ho pholoha.

Thabiso: Ke ne ke nahana hore le lumela ho Jesu empa ha mosebetsi-’moho le ’na a re ha le lumele, ke ile ka ipotsa lipotso. Ke nahana hore ke hobane re ne re e-s’o bue ka taba ena.

Tim: E-re ke u bontše litemana tse ling tsa Bibele tse bontšang bohlokoa ba ho lumela ho Jesu. Litemana tsena ke tseo Lipaki Tsa Jehova li li sebelisang hangata tšebeletsong ea tsona.

Thabiso: Ho lokile.

Tim: Ha re qale ka ho bala mantsoe a Jesu ka boeena a hlahang ho Johanne 14:6. Mantsoe ao ke karolo ea moqoqo oo Jesu a ileng a ba le oona le e mong oa baapostola ba hae. Re bala ho re: “Jesu a re ho eena: ‘Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.’” Ho latela temana eo, tsela feela eo re ka atamelang Ntate ka eona ke efe?

Thabiso: Ke ka Jesu.

Tim: U nepile. Ke sona seo Lipaki Tsa Jehova li se lumelang ka tieo. E-re ke u botse mona: Ho ea kamoo u tsebang kateng, motho ha a rapela Molimo, u lokela ho mo rapela ka lebitso la mang?

Thabiso: Ka lebitso la Jesu.

Tim: Ke ’nete. Ke kahoo nako le nako ha ke rapela ke rapelang ka lebitso la Jesu. Lipaki Tsa Jehova le tsona li rapela ka lebitso la Jesu.

Thabiso: Hoa thabisa ho tseba seo.

Tim: Lengolo le leng leo re ka le balang ke Johanne 3:16. Temana eo ke ea bohlokoa hoo e ’nileng ea bitsoa Kosepele e nyenyane. Seo se bolela hore haeba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng ka tšebeletso le bophelo ba Jesu lefatšeng e ka akaretsoa ka temana e le ’ngoe, e ne e tla ba temana ena. Mohlomong u ka rata ho bala lengolo lena.

Thabiso: Ho lokile. Le re: “Etsoe Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea  bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”

Tim: Kea leboha. Na u tseba temana ee?

Thabiso: E, ke ee ke e utloe e baloa hangata kerekeng.

Tim: Ke temana e tsebahalang. Ha re e bale ka hloko ’me u hlokomele seo Jesu a ileng a se bua. O ile a re lerato la Molimo ke lona le etsang hore batho ba fumane bophelo bo sa feleng—empa ke hafeela ba etsa’ng?

Thabiso: Hafeela ba bontša tumelo.

Tim: E. Hafeela ba bontša tumelo ka ho khetheha ho Mora ea tsoetsoeng a ’notši, e leng Jesu Kreste. Joale taba ea hore Jesu ke eena ea bulang tsela e isang bophelong bo sa feleng, e hlaha hona mona leqepheng la 2 la makasine ena eo ke u tliselitseng eona. Morero o mong oa makasine ena ea Molula-Qhooa, ke hore “e khothalletsa batho hore ba lumele ho Jesu Kreste, ea ileng a shoa e le hore re ka fumana bophelo bo sa feleng le eo hona joale a busang e le Morena oa ’Muso oa Molimo.”

Thabiso: Ua bona he! Le makasine ena eo u mphileng eona e bontša hore Lipaki Tsa Jehova li lumela ho Jesu.

Tim: Ke ’nete.

Thabiso: Joale, ke hobane’ng ha batho ba re ha le lumele ho Jesu?

Tim: E ka ’na eaba ba nahana seo ka mabaka a ’maloa. Maemong a mang, batho ba bua seo hobane feela ba utloile batho ba bang ba bua joalo. Kapa e ka ’na eaba ba rutiloe thuto ena e fosahetseng ke baruti ba bona.

Thabiso: Ke nahana hore mohlomong batho ba re ha le lumele ho Jesu hobane le ipitsa Lipaki Tsa Jehova, eseng Lipaki Tsa Jesu.

Tim: E ka ’na eaba le lona ke le leng la mabaka.

Thabiso: Ke hobane’ng ha le bua ka Jehova hakaale?

“KE BA TSEBISITSE LEBITSO LA HAO”

Tim: Taba ea pele, re lumela hore ke habohlokoa ho sebelisa lebitso la Molimo, Jehova—joalokaha Mora oa hae Jesu a e ntse. Nahana ka seo Jesu a ileng a se bua ha a ne a rapela Ntate oa hae. Taba eo e hlaha ho Johanne 17:26. Na u ka re balla temana eo?

Thabiso: Ke tla e bala. “Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa, e le hore lerato leo u nthatileng ka lona le ka ba ho bona ’me ’na ke be bonngoeng le bona.”

Tim: Kea leboha. Hlokomela hore Jesu o ile a re o tsebahalitse lebitso la Molimo. U nahana hore ke hobane’ng?

Thabiso: Ache! Ha ke tsebe.

E le hore re pholohe re lokela ho bontša tumelo ho Jesu

Tim: Mohlomong re ka sheba lengolo le leng le ka re hlakisetsang taba ena hantle. Ke nahana hore re bale lengolo la Liketso 2:21. Le re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” Kea tšepa hore ua lumela hore haeba ho hlokahala hore re ipiletse lebitsong la Jehova e le hore re pholohe, ha ho pelaelo hore Jesu o ne a tseba seo.

Thabiso: E.

Tim: Kahoo, le leng la mabaka a neng a etsa hore Jesu a batle hore balateli ba hae ba tsebe lebitso la Molimo le ho le sebelisa ke hore o ne a batla hore ba pholohe. Ke le leng la mabaka a ka sehloohong a etsang hore re bue ka Jehova hakana. Re bona e le habohlokoa hore re tsebise batho lebitso la Molimo le ho ba thusa ho ipiletsa lebitsong leo.

Thabiso: Empa leha batho ba sa tsebe lebitso la Molimo kapa ba sa le sebelise ka ho toba, ba ntse ba tseba hore na ba bua ka mang ha ba bua ka Molimo.

Tim: E ka ’na eaba seo ke ’nete. Leha ho le joalo, Molimo o re boleletse lebitso la hae e le hore ho be bonolo hore re be le setsoalle se haufi le eena.

Thabiso: U bolela’ng?

Tim: Nahana ka sena: Ho ne ho sa hlokahale hore re tsebe lebitso la Moshe. Re ka be re mo  tseba feela e le monna ea ileng a arola Leoatle le Lefubelu kapa monna ea ileng a amohela Melao e Leshome. Hoa tšoana le ka Noe—ke hobane’ng ha re lokela ho tseba lebitso la hae? Re ka be re mo tseba feela e le motho ea ileng a haha areka le ho pholosa ba lelapa la hae le liphoofolo. Esita le Jesu Kreste a ka be a ile a tsejoa feela e le monna ea tlohileng leholimong ’me a shoela libe tsa rōna. Na ha ho joalo?

Thabiso: Ho bonahala joalo.

Tim: Empa Molimo o ile a etsa bonnete ba hore re tseba mabitso a batho bao. Ho tseba mabitso a batho bao ho etsa hore e be batho ba sebele ho rōna. Le hoja ho se mohla re kileng ra kopana le Moshe, Noe kapa Jesu, ho tseba feela mabitso a bona ho etsa hore banna bana e be ba sebele ho rōna.

Thabiso: Ha ke e-s’o nahane taba ena ka tsela eo, empa ea utloahala!

Tim: Ke le leng la mabaka a etsang hore Lipaki Tsa Jehova li sebelise lebitso la Molimo hakana. Re batla hore batho ba be le tumelo ho Jehova Molimo, ba mo nke e le motsoalle oa bona. Ka nako e tšoanang, re lokela ho utloisisa hore Jesu o phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho pholoha ha rōna. Mohlomong re ka bala temana e ’ngoe hape e le hore re khone ho utloisisa sena hantle.

Thabiso: Ho lokile.

Tim: Pejana re ile ra bala Johanne 14:6. Hopola hore Jesu o ile a re ke “tsela le ’nete le bophelo.” A re ke re khutlele morao ’me re hlokomele mantsoe a ho Johanne 14:1. Ke kōpa u bale seo Jesu a se buileng karolong e qetellang ea temana eo.

Thabiso: E re: “Bontšang tumelo ho Molimo, le bontše tumelo le ho ’na.”

Tim: Kea leboha. Na re ka re tumelo ea ’nete e itšetlehile ka hore na re lumela ho Jesu kapa ho Jehova?

Thabiso: Che. Jesu o itse re hloka ho lumela ho bona ba le babeli.

Tim: U nepile. Kea tšepa hore ua lumela hore ha hoa lekana ho bolela feela hore re na le tumelo ho Molimo le ho Jesu. Ha e le hantle, re lokela ho phela ka tsela e bontšang hore re na le tumelo ho bona.

Thabiso: E, ho joalo.

Tim: Empa motho o bontša joang hore ka sebele o na le tumelo ho Molimo le ho Jesu? Mohlomong re ka buisana ka potso ena nakong e tlang. *

Thabiso: Nka thabela seo.

Na ho na le taba e itseng ka Bibeleng eo u eeng u ipotse eona? Na u labalabela ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa ka tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, lekhetlong le tlang ha u kopana le Paki ea Jehova, u se ke ua qeaqea ho e botsa. E tla thabela ho tšohla litaba tse kang tseo le uena.

^ ser. 60 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 12, ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.