Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Na ho na le Motho ea Tsebang Bokamoso?

Na ho na le Motho ea Tsebang Bokamoso?

Kaofela ha rōna re nahana ka bokamoso. Rea ipotsa hore na ebe bophelo bo tla ba joang, bakeng sa rōna le baratuoa ba rōna. Re ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Na bana ba ka ba tla phela lefatšeng le molemo? Na lefatše le tla felisoa ke koluoa e itseng? Na ho na le seo nka se etsang hona joale e le hore ke be le bokamoso bo molemo?’ Ke ha tlhaho ho batla ho tseba; re labalabela ho kholiseha hore lintho tse itseng li tla etsahala, re batla ho laola bophelo ba rōna le ho ba le botsitso. Haeba u ne u ka tseba hantle hore na bokamoso bo u tšoaretse eng, u ne u tla lula u le malala-a-laotsoe.

Joale, bokamoso bo u tšoaretse eng? Na ho na le motho ea tsebang? Tse ling tsa liketsahalo tseo litsebi li ileng tsa li profeta li ile tsa phethahala empa tse ngata li ile tsa hlōleha. Empa Bibele e re Molimo a ka bolela liketsahalo tse tlang esale pele ka ho nepahala. E re: “Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong, le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe.” (Esaia 46:10) O atlehile hakae ho etsa seo?

BOPROFETA BA MOLIMO BO NEPAHETSE HAKAE?

Ke hobane’ng ha u lokela ho batla ho tseba hore na Molimo o ile a atleha hakae ho profeta lintho tse etsahetseng mehleng ea boholo-holo? Haeba motho ea bolelang boemo ba leholimo esale pele a ’nile a bolela se nepahetseng letsatsi le letsatsi, na seo se ne se ke ke sa u khahla? Ho hlakile hore u ne u tla mamela seo a se buang ka boemo ba leholimo ba letsatsi le hlahlamang. Ka tsela e tšoanang, haeba u ile ua hlokomela hore liketsahalo tseo Molimo a ’nileng a li profeta li ile tsa phethahala hantle kamoo a ileng a li profeta kateng, ka sebele u ne u tla labalabela ho tseba seo a se buang ka bokamoso ba hao.

Lerako le ileng la ahoa bocha lithakong tsa Ninive

HO FELISOA HA MOTSE O MOHOLO:

Ka mohlala, e ka ba ntho e hlollang hore motho a bolele hore haufinyane motse o moholo, o bileng matla ka lilemo tse makholo o tla felisoa. A sebelisa e mong oa babuelli ba hae, Molimo o ile a profeta ntho e joalo—ho felisoa ha Ninive. (Sofonia 2:13-15) Bo-rahistori ba ile ba tlaleha eng? Lilemong tsa  bo-600 pele ho mehla ea Kreste, hoo e ka bang lilemo tse 15 ka mor’a hore Molimo a bolele seo, Bababylona le Bamede ba ile ba hlasela le ho felisa Ninive. Ho phaella moo, Molimo o ile a bolela esale pele hore Ninive e ne e tla ba “lesupi, sebaka se se nang metsi joaloka lefeella.” Na seo se ile sa phethahala? E. Le hoja motse oo o ne o le lisekoere-k’hilomithara tse ka bang 518, ba hlōtseng ha baa ka ba o hapa ebe ba o sebelisa, joalokaha ho ne ho ka lebelloa. Ho e-na le hoo, ba ile ba o felisa. Na ho na le setsebi sa lipolotiki se neng se ka bolela liketsahalo tseo esale pele ka ho nepahala joalo?

MASAPO A BATHO A TLA CHESOA:

Ke mang ea nang le sebete sa ho bolela—lilemo tse 300 esale pele—lebitso hammoho le lesika la motho ea neng a tla chesa masapo a batho holim’a aletare, le lebitso la motse oo aletare e neng e tla ba ho oona? Haeba ntho e joalo e sa tloaelehang e ka phethahala, ka sebele seo se ne se tla etsa hore motho ea e boletseng a tume. ’Muelli oa Molimo o ile a phatlalatsa a re: “Mora o tsoetsoe ntlong ea Davida, eo lebitso la hae e leng Josiase . . . , o tla chesetsa masapo a batho” holim’a aletare e motseng oa Bethele. (1 Marena 13:1, 2) Hoo e ka bang lilemo tse 300 hamorao, morena ea bitsoang Josiase, e leng lebitso le hlahang seoelo ka Bibeleng—o ile a hlaha lesikeng la Davida. Hantle feela kamoo ho neng ho boletsoe, Josiase o ile a nka “masapo libakeng tseo tsa lepato eaba o a chesetsa holim’a aletare” e Bethele. (2 Marena 23:14-16) Ha ho na motho ea ka profetang lintho tse tobileng joalo, ntle le ha a tataisoa ke motho ea phahameng ka ho fetisisa!

Baprofeta ba Bibele ba ile ba nepa ka tsela e hlollang ha ba profeta ka ho oa ha Babylona

HO FELISOA HA ’MUSO:

E ka ba ntho e hlollang haeba motho a ka bolela lebitso la motho esale pele—nako e telele pele a tsoaloa—ea neng a tla liha ’muso oa lefatše o moholo, esita le ho bolela mokhoa o sa tloaelehang oo a neng a tla o sebelisa. Molimo o ile a bolela hore monna ea bitsoang Cyruse o ne a tla hlōla sechaba se itseng. Cyruse enoa o ne a tla boela a lokolle Bajuda bokhobeng ’me a laele hore tempele ea bona e halalelang e hahoe hape. Ho phaella moo, Molimo o ile a bolela hore mokhoa oo Cyruse a neng a tla hlasela ka oona o ne o tla akarelletsa ho pshesa nōka ’me a bontša le hore liheke li ne li tla siuoa li butsoe e le hore ho be bonolo hore Cyruse a hlōle. (Esaia 44:27–45:2) Na lintlha tseo tse ngata tseo Molimo a ileng a li profeta li ile tsa phethahala? Bo-rahistori baa lumela hore ka sebele Cyruse o ile a hlōla. Sesole sa Cyruse se ile sa sebelisa leano le bohlale la ho khelosa metsi a Babylona, ha e le hantle se ile sa pshesa linōka. Ho feta moo,  sesole se ile sa fumana liheke li butsoe ha se kena motseng. Hamorao Cyruse o ile a lokolla Bajuda ’me a ba lumella hore ba hahe tempele ea bona hape Jerusalema. Eo e ne e le ntho e sa tloaelehang, kaha Cyruse e ne e se morapeli oa Molimo oa Bajuda. (Esdrase 1:1-3) Ruri ha ho na motho ea neng a ka bolela liketsahalo tseo tsa histori ka ho toba joalo, haese Molimo!

Re se re buile ka mehlala e meraro e bontšang kamoo lintho tseo Molimo a ileng a li profeta li phethahetseng kateng. Lintho tsena ha lia iketsahalla feela. Moeta-pele oa Bajuda, Joshua, o ile a bolella batho ba bangata ba neng ba mo mametse, a re: “Le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.” (Joshua 23:1, 2, 14) Batho ba habo Joshua ba ne ba ke ke ba latola hore boprofeta le litšepiso tsa Molimo li ile tsa phethahala. Empa Molimo o etsa seo joang? Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa litsela tsa Molimo le tsa batho. Ke habohlokoa hore u tsebe sena kaha ho na le lintho tsa bohlokoa tse tla etsahala haufinyane tseo Molimo a li boletseng ’me ha ho potang hore li tla u ama.

BOPROFETA BA MOLIMO BO BAPISOA LE BA BATHO

Batho ba bolela lintho esale pele ba itšetlehile ka lintho tse kang lipatlisiso tsa saense, ho hlahloba litaba le liphetoho kapa ka batho ba ipolelang hore ba na le tsebo e phahametseng ea batho. Ka mor’a ho bolela lintho tse itseng esale pele, batho baa leta e le hore ba bone hore na ho tla etsahala’ng.—Liproverbia 27:1.

Ho fapana le batho, Molimo o tseba lintho tsohle. O utloisisa sebōpeho le tšekamelo ea batho ka botlalo; kahoo ha a batla, a ka bona hantle esale pele seo batho ka bomong le lichaba ba tla se etsa. Empa Molimo a ka etsa ho fetang hoo. A ka ba a laola kapa a fetola maemo le liketsahalo ho netefatsa hore lintho li etsahala kamoo a rerileng kateng. O re: “Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, . . . ’me ka sebele le tla atleha.” (Esaia 55:11) Ka linako tse ling, lintho tseo Molimo a li profetang li re bolella seo a tla se etsa ka moso. Molimo o netefatsa hore lintho tseo a li profetang li phethahala ka botlalo.

BOKAMOSO BA HAO

Na ho na le boprofeta boo u ka bo tšepang bo amang bokamoso ba hao le ba baratuoa ba hao? Haeba u ne u tseba hore ho na le leholiotsoana le tlang, u ne u tla nka khato e le hore u pholose bophelo ba hao. U ka etsa se tšoanang ka boprofeta bo hlahang ka Bibeleng. Molimo o profetile hore haufinyane ho tla ba le liphetoho tse khōlō lefatšeng. (Sheba lebokose le reng, “ Seo Molimo a se Senotseng ka Bokamoso.”) Sena se fapane hōle le seo batho ba ipitsang baprofeta ba se profetang.

U ka nahana taba ena ka tsela ena: Lefatšeng ka bophara batho ba na le pale e tšoanang. E se e ngotsoe ’me u ka tseba hore na e tla fella joang. Molimo o re: ‘Ke bolela qetello ho tloha tšimolohong, Ke re, “Morero oa ka o tla ema o tiile, ’me ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e thabelang.”’ (Esaia 46:10) Uena le ba lelapa la hao le ka ba le bokamoso bo babatsehang. Kōpa Lipaki Tsa Jehova hore li u bolelle ka seo Bibele e se rutang ka liketsahalo tse tlang. Lipaki hase linohe; ha ho mohla li reng li buisana le meea; kapa hona hore li na le matla a khethehileng a ho profeta. Li ithuta Bibele ’me li ka u bontša lintho tse molemo tseo Molimo a li etsang tse amanang le bokamoso ba hao.