Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha litlokotsebe li ne li boetse li rojoa meomo ha li bolaoa?

Ha tlaleho ea Kosepele e bua ka ho bolaoa ha Jesu le litlokotsebe tse peli thupeng ea tlhokofatso, e re: “Bajuda ba kōpa Pilato hore ba rojoe meomo le hore litopo tseo li tlosoe.”—Johanne 19:31.

Molao oa Bajuda o ne o bolela hore setopo sa setlokotsebe se fanyehiloeng ha sea “lokela ho hlola bosiu bohle thupeng.” (Deuteronoma 21:22, 23) Ho bonahala Bajuda ba ne ba sebelisa molao o tšoanang ka batho ba neng ba bolaetsoe thupeng ke Baroma. Ho roba motho meomo ho ne ho etsa hore a shoe kapele e le hore ba tsebe ho mo pata pele Sabatha e qala ha letsatsi le likela.

Ho e ’ngoe ea lipolao tseo tse ngata, monna ea neng a ahlotsoe o ne a kokoteloa maoto le matsoho ka lipekere thupeng. Ha thupa e ne e phahamisoa, o ne a tlohelloa a leketlile hore a utloe bohloko bo otlang pelo ’me lipekere tseo li ne li jara boima bohle ba ’mele oa hae. E le hore a khone ho hema, motho eo o ne a lokela ho sututsa sepekere kapa lipekere tse maotong a hae. Empa haeba masapo a meomo a ne a robehile, o ne a ke ke a khona ho etsa seo. O ne a tla shoa ka lebaka la ho bipetsana—kapa a bolaoe ke letsoalo.

Matjeketjane a ne a sebelisoa joang lintoeng tsa mehleng ea boholo-holo?

Davida o ile a bolaea Goliathe oa senatla ka letjeketjane. Ho bonahala Davida a ile a ithuta ho sebelisa sebetsa sena lilemong tsa ha e sa le molisa.—1 Samuele 17:40-50.

Setšoantšo se betliloeng se bontšang masole a tjeketjelang motse o thibetsoeng oa Bajuda

Letjeketjane le bonahala litšoantšong tse takiloeng tsa Baegepeta le Baassyria tsa mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. Sebetsa sena e ne e le mokotla o monyenyane oa letlalo kapa oa lesela o nang le marapo kapa lithapo tse peli. Motho ea tjeketjelang o ne a ka kenya majoe a boreleli a chitja, a bophara ba lisenthimithara tse 5 ho ea ho tse 7,5 ’me a le boima ba ligrama tse 250. Joale o ne a tla tsoka letjeketjane, a lokolle thapo e le ’ngoe ebe lejoe leo le tsoa ka matla a maholo ’me le ea hantle moo a korotseng teng.

Ha ho epolloa lintho tsa khale Bochabela bo Hare, ho fumanoe majoe a mangata a matjeketjane a nakong ea lintoa tsa boholo-holo. E ka ’na eaba bahlabani ba ntoa ba ne ba betsa majoe ao ka lebelo la lik’hilomithara tse 160 ho ea ho tse 240 ka hora. Litsebi ha li lumellane tabeng ea hore na letjeketjane le ne le e-na le bokhoni ba ho bolaea joaloka seqha kapa che, empa ho bonahetse hore letjeketjane le lona le ne le khona ho bolaea.Baahloli 20:16.