Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Kile Ua ja Bohobe ba Bophelo?

Na U Kile Ua ja Bohobe ba Bophelo?

BAHAHLAULI ba ne ba lapile. Ho etela libaka tsa histori tsa motse oa boholo-holo oa Bethlehema ho ile ha etsa hore ba lape ’me ba ne batla ho ja lijo tsa moo. E mong oa bona o ile a bona reschorente e rekisang falafel, e leng motsoako oa lierekisi tse sitsoeng, tamati, eiee le meroho e meng tse tšetsoeng ka har’a bohobe ba sephaphatha ba pita. Lijo tseo tse hlasimollang li ile tsa ba khatholla ’me ba ile ba tsoela pele ka leeto.

Baeti bana ba ne ba sa tsebe, empa e ka ’na eaba ho ja bohobe bona bo sa etsoang ka lintho tse ngata, e ne e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ea histori ea sebaka seo eo ba ileng ba ithuta eona letsatsing leo. Lebitso Bethlehema le bolela “Ntlo ea Bohobe” ’me bohobe bo ’nile ba bakoa sebakeng sena ka lilemo tse likete. (Ruthe 1:22; 2:14) Kajeno bohobe ba pita ke bo bong ba mahobe a tloaelehileng a bakoang Bethlehema.

Hoo e ka bang lilemo tse likete tse ’nè tse fetileng, sebakeng se haufi le boroa ho Bethlehema, Sara mosali oa Abrahama, o ile a amohela baeti ba bararo ba neng ba sa lebelloa ’me a ba bakela mahobe a chesang. (Genese 18:6) E ka ’na eaba “phofo e thumisehileng” eo Sara a ileng a e sebelisa e ne e entsoe ka koro ea emmer kapa harese. Sara o ne a lokela ho baka bohobe ka potlako ’me e ka ’na eaba o ile a bo baka holim’a majoe a chesang.—1 Marena 19:6.

Joalokaha tlaleho ena e bontša, lelapa la Abrahama le ne iphehela bohobe. Kaha ba ne ba phela bophelo ba hloma-u-hlomole, Sara le makhabunyane a hae ba ne ba sa phehele bohobe ka liontong tse neng li sebelisoa Ure, motseng oa habo Sara. Phofo e thumisehileng eo Sara a neng a luba bohobe ka eona e ne e entsoe ka koro ea sebaka seo. Ona e tlameha ebe e ne e le mosebetsi o boima kaha o ne a sila koro eo ka leloala la letsoho.

Lilemo tse makholo a mane hamorao, Molao oa Moshe o ile oa bontša hore ha ho motho ea lokelang ho nka leloala la letsoho e le tebeletso kaha leloala leo e ne e le ntho eo motho a iphelisang ka eona. (Deuteronoma 24:6) Molimo o ne nka leloala la letsoho e le ntho ea bohlokoa hobane ntle ho lona, lelapa le ne le ke ke la ba le bohobe ba letsatsi le letsatsi.—Sheba lebokose le reng “ Mosebetsi oa Letsatsi le Letsatsi oa ho Sila le ho Baka Bohobe Mehleng ea Bibele.”

BOHOBE BO MATLAFATSANG PELO EA MOTHO

Bibele e bua ka bohobe ka makhetlo a ka bang 350 ’me hangata bangoli ba Bibele ba ne ba bo tšoantša le lijo. Jesu o ile a bontša hore batho ba sebeletsang Molimo ba ka mo rapela ba kholisehile ’me ba re: “Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena.” (Matheu 6:11) Lengolong lena, “bohobe” bo emela lijo ka kakaretso ’me Jesu o bontša hore re lokela ho itšetleha ka Molimo bakeng sa hore a re fe lijo tsa letsatsi le letsatsi.—Pesaleme ea 37:25.

Leha ho le joalo, ho na le ntho ea bohlokoa ho feta bohobe kapa lijo. Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) O ne a bua ka nako eo Baiseraele ba neng ba itšetlehile ka ho feletseng ka Molimo hore a ba fe lijo. E ne e le nakoana ka mor’a hore ba tlohe Egepeta. Ho ne ho se ho fetile khoeli ba le Lefeelleng la Sinai ’me ba ne ba felloa ke lijo. Ba ile ba tšoha hore ba tla shoa ke tlala lefeelleng eaba ba tletleba ka bohale ’me ba re: “Re ne re ja bohobe ho fihlela re khotše” naheng ea Egepeta.—Exoda 16:1-3.

 Ha ho pelaelo hore bohobe ba Egepeta bo ne bo le monate. Mehleng ea Moshe, litsebi tsa ho baka li ne li etsetsa Baegepeta mahobe le likuku tsa mefuta-futa. Empa Jehova o ne a ke ke a tlohela batho ba hae ba hloka bohobe. O ile a re: “Bonang! ke le nesetsa bohobe bo tsoang maholimong.” Ka sebele bohobe bona bo ile ba hlaha esale hoseng ho tsoa leholimong, “ntho e makhekhebu, e tšesaane” e tšoanang le serame se letseng. Ha Baiseraele ba qala ho bo bona ba ile ba re: “Ke eng?” Moshe o ile a ba araba a re: “Ke bohobe boo Jehova a le fileng bona hore le bo je.” Ba ile ba bo bitsa manna * ’me ba ile ba ja bohobe bona ka lilemo tse 40 tse latelang.—Exoda 16:4, 13-15, 31.

E tlameha ebe qalong Baiseraele ba ne ba thabela bohobe boo bo neng bo hlaha ka mohlolo. Bo ne bo latsoeha joaloka “liphaphatha tse nang le mahe a linotši” ’me e mong le e mong o ne a e-ja a khora. (Exoda 16:18) Leha ho le joalo, ka mor’a nako Baiseraele ba ile qala ho hloloheloa matletsetletse a lijo tseo ba neng ba li ja ha ba le Egepeta. Ba ile ba korotla ba re: “Mahlo a rōna ha a bone letho haese manna.” (Numere 11:6) Hamorao ba ile ba halefa ba re: “Meea ea rōna e se e nyonya bohobe bona bo eisehang.” (Numere 21:5) Qetellong, “bohobe bo tsoang leholimong” e ile ea e-ba bo bobe le bo nyonyehang.—Pesaleme ea 105:40.

BOHOBE BA BOPHELO

Ke ’nete hore bohobe, joaloka lintho tse ling tse ngata bo ka khelloa fatše. Empa Bibele e bua ka bohobe bo ikhethang bo sa lokelang ho nyatsuoa. Bohobe bona bo ka re tsoela molemo ka ho sa feleng ’me Jesu o ile a bo tšoantša le manna ao Baiseraele ba ileng ba a khesa.

Jesu o ile a bolella bamameli ba hae a re: “Ke ’na bohobe ba bophelo. Baholo-holo ba lōna ba ile ba ja manna lefeelleng ’me leha ho le joalo ba shoa. Bona ke bohobe bo theohang leholimong, e le hore leha e le mang a ka bo ja ’me a se ke a shoa. Ke ’na bohobe bo phelang bo theohileng leholimong; haeba leha e le mang a ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng; ’me, kannete, bohobe boo ke tla fana ka bona ke  nama ea ka bakeng sa bophelo ba lefatše.”—Johanne 6:48-51.

Bamameli ba bangata ba Jesu ha baa ka ba mo utloisisa ha a sebelisa mantsoe “bohobe” le “nama” ka tsela ea tšoantšetso. Leha ho le joalo, papiso eo e ne loketse. Feela joalokaha Baiseraele ba ile ba phela ka manna ka lilemo tse 40 lefeelleng, Bajuda ba ne ba phela ka bohobe ba sebele letsatsi le letsatsi. Le hoja manna e ne e le mpho e tsoang ho Molimo, a ne a sa fane ka bophelo bo sa feleng. Ka lehlakoreng le leng, sehlabelo sa Jesu se fana ka bophelo bo sa feleng ho ba bontšang tumelo ho eena. Ka sebele Jesu ke “bohobe ba bophelo.”

Mohlomong ha u lapile u ja bohobe. Hape u ka ’na ua leboha Molimo ka hore e be u na le “bohobe ba . . . tsatsi le leng le le leng.” (Matheu 6:11, Bibele ea Sesotho) Ha re ntse re thabela ho ja bohobe, a re se keng ra lebala bohlokoa ba “bohobe ba bophelo” e leng Jesu Kreste.

Re ka bontša joang hore, ho fapana le Baiseraele ba mehleng ea Moshe ba neng ba se na kananelo, ha re khelle bohobe boo ba bohlokoa fatše? Jesu o ile a re: “Haeba lea nthata, le tla boloka litaelo tsa ka.” (Johanne 14:15) Haeba re boloka litaelo tsa Jesu, re na le monyetla oa ho thabela ho ja bohobe ka ho sa feleng.—Deuteronoma 12:7.

^ ser. 10 E ka ’na eaba lentsoe “manna” le nkiloe polelong ea Seheberu e leng: “man hu?” e bolelang “Ke eng?”