Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa lefatše?

Lefatše le ne le reretsoe ho ba lehae le thabisang batho

Lefatše le etselitsoe hore batho ba phele ho lona. Le na le metsi a mangata, e leng ntho eo re e hlokang e le hore re phele. Tsela eo lefatše le sekamang le ho potoloha ka eona e etsa hore metsi a leoatle a se ke a fetoha leqhoa kapa a bele ho fihlela a fela. Sepakapaka le matla a lefatše a khoheli li sireletsa lefatše khahlanong le mahlaseli a letsatsi a bolaeang. Tsela eo liphoofolo li itšetlehileng ka limela le eo limela li itšetlehileng ka liphoofolo ka eona e le hore li phele, ea hlolla. Ka lebaka la sena, batho ba bangata baa lumela hore Molimo o ne a bōpetse lefatše hore batho ba phele ho lona.—Bala Esaia 45:18.

Empa u ka ipotsa, ‘Na Molimo o ne a rerile hore lefatše le be le mahlomola le ho hloka toka?’—Bala Deuteronoma 32:4, 5.

Na re tla ke re phele kamoo Molimo a neng a rerile kateng?

Lefatše le ne le bōpetsoe hore e be lehae la batho ba thabileng, ba hlomphanang le ba ratang ’Mōpi oa bona. Batho ba phahametse limela le liphoofolo. Re khona ho ithuta ka ’Mōpi oa rōna, ho rata kamoo a bontšang toka le lerato kateng ’me re ka mo etsisa.—Bala Moeklesia 12:13; Mikea 6:8.

’Mōpi oa rōna a ka phethahatsa sohle seo a rerang ho se etsa ka lefatše. Kahoo, re ka kholiseha hore Molimo o tla felisa bohloko le ho hloka toka ’me a etse hore lefatše e be lehae le letle moo batho ba tla phela ba thabile.—Bala Pesaleme ea 37:11, 29; Esaia 55:11.