Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PALE EA BOPHELO

Bophelo bo Putsang ba ho Sebeletsa Molimo

Bophelo bo Putsang ba ho Sebeletsa Molimo

Ha ke ntse ke hōla, batho ba ne ba nkhetholla ka lebaka la morabe oa ka, ke ne ke boetse ke e-na le bothata ba ho tšaba ho fosa ’me ke le lihlong. Kaha ke ne ke batla ho fumana matšeliso Bibeleng le ho e utloisisa, ke ile ka ea Kerekeng e K’hatholike e motseng oa heso. Ha ke sa fumane thuso eo ke neng ke e lebeletse, ke ile ikakhela ka setotsoana lipapaling.

Ka mor’a nakoana ke ile ka kenela boithapollo ba ’mele ba li-gymnastic le ho phahamisa litšepe. Ke ile ka qetella ke butse setsi sa boikoetliso San Leandro, California, U.S.A., ’me ka koetlisa batho ba phahamisang litšepe, ho akarelletsa le eo e ileng ea e-ba ’mampoli oa tlhōlisano ea Mr. America. Leha ho le joalo, ho ba le ’mele o koenneng ha hoa ka ha nkhotsofatsa.

KE FUMANA SEO KE NENG KE SE BATLA

Kaha e mong oa metsoalle ea ka eo ke neng ke ikoetlisa le eena o ne a tseba hore ke labalabela ho utloisisa Bibele, o ile a re na a ka nkopanya le motho ea ka nthusang. Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Paki e ’ngoe e ile ea tla moo ke lulang. E ile ea nka lihora tse ’nè e araba lipotso tsa ka ka Bibele. Ka e kōpa hore e khutle hape mantsiboea ’me ra tsoela pele ho bua ka Bibele ho fihlela har’a mp’a bosiu. Ke ne ke thabetse seo ke ithutang sona ’me ka e kōpa hore na nka tsamaea le eona letsatsing le latelang e le hore ke bone hore na mosebetsi oa ho ruta batho Bibele o etsoa joang. Ke ile ka hlolloa ha ke bona e sebelisa Bibele ho araba lipotso tsa batho. Eaba ke etsa qeto ea hore ke sona seo ke batlang ho se etsa.

Kahoo, ke ile ka tlohela khoebo eaba ke etsa mosebetsi oa boboleli le pula-maliboho eo, e leng tsela eo basebeletsi ba Lipaki tsa Jehova ba rutang batho Bibele kamehla ba bitsoang ka eona. Ke ile ka kolobetsoa ka May 1948 kopanong e neng e tšoaretsoe lebaleng la Cow Palace San Francisco, California. Ka ba pula-maliboho hamorao selemong seo.

Ka eona nako eo, ke ile ka kōpa Lipaki hore li etele ’mè oa ka. O ile a li amohela ’me ea e-ba Paki ea Jehova. Le hoja a ne a hanyetsoa ke ba lelapa, o ile a sebeletsa Molimo ka botšepehi ka lilemo tse ngata ho fihlela a hlokahala. Ha ho setho se seng sa lelapa seo e ileng ea e-ba Paki.

KE KOPANA LE KHAREBE EO E ILENG EA E–BA MOSALI OA KA

Ka 1950 ke ile ka fallela Grand Junction, Colorado moo ke ileng ka kopana le Billie. O hlahile ka 1928 ’me a hōla nakong eo moruo oa lefatše o neng o putlame. ’Mè oa hae Minnie, o ne a mo balla Bibele bosiu bo bong le bo bong ba khantšitse ka lebone la parafine. Ha Billie a le lilemo li ’nè, o ne a se a tseba ho bala, a bile a tseba lipale tse ngata tsa Bibele ka hlooho. Qetellong ea lilemo tsa bo-1940 ha ’mè oa hae a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a ithuta hore lihele hase sebaka sa tlhokofatso empa ke lebitla. (Moeklesia 9:5, 10) Batsoali ba Billie e ile ea e-ba Lipaki.

Ka 1949 Billie o ile a qeta k’holejeng ea Boston eaba o khothalla ho ithuta Bibele. Ho e-na le hore e  be tichere, a etsa qeto ea ho inehela ho Molimo. O ile a kolobetsoa ka 1950 kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium, New York. Nakoana ka mor’a moo, re ile ra ratana ’me ra nyalana eaba re etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele kamehla.

Re ile ra qala ho etsa mosebetsi ona Eugene, Oregon moo re ileng ra fumana metsoalle ea bohlokoa. Ka 1953 ra fallela Grants Pass, Oregon ho ea thusa phutheho e nyenyane ea moo. Hamorao selemong seo, re ile ra memeloa sehlopheng sa bo23 sa sekolo sa Gileade, e leng sekolo se koetlisetsang Lipaki mosebetsi oa boromuoa se neng se le haufi le South Lansing, New York, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 400 ka leboea-bophirimela ho New York City.

MOSEBETSI OA BOROMUOA BRAZIL

Ka December 1954, ka mor’a likhoeli tse hlano re fumane mangolo sekolong sa Gileade, re ile ra ea Brazil ka sefofane. Ka mor’a hora sefofane se tlohile, se ile sa e-ba le mathata leha ho le joalo sa khona ho lula Bermuda. Ka mor’a hore sefofane se boele se eme ka tšohanyetso Cuba, re ile ra nka leeto le boima la lihora tse 36 ’me ra fihla re sireletsehile ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Rio de Janeiro, Brazil.

Holo ea ’Muso ea pele Bauru, e hiriloeng e nang le letšoao leo ke le entseng ka 1955

Ka mor’a nakoana, ’na le Billie hammoho le baromuoa ba bang ba babeli re ile ra ea Bauru, São Paulo ho ea bula lehae le lecha la baromuoa. Motse oo o ne o e-na le baahi ba 50 000 ’me e le rōna Lipaki tsa pele moo.

Re ile ra qala ho etela batho malapeng a bona empa hang ha moruti e mong oa K’hatholike a elelloa seo, o ile a leka ho re sitisa mosebetsing oa rōna. O ne a re sala morao ’me a bolella beng ba matlo hore ba se ke ba re mamela. Leha ho le joalo, ka mor’a libeke tse ’maloa, lelapa le leng le leholo leo re neng re ithuta Bibele le lona le ile la amohela ’nete ’me hamorao litho tsa lona tsa kolobetsoa. Ka mor’a nakoana, batho ba bang le bona ba ile ba qala ho ithuta Bibele.

Ba lelapa leo ba ne ba amana le mookameli oa mokhatlo o mong o tummeng. Ke ile ka etsa litokisetso tsa hore re tšoarele kopano mohahong oa mokhatlo oo. Moruti o ile a loanela hore konteraka ea ho tšoarela kopano moo e hlakoloe empa mookameli a bitsa litho ’me a re: “Haeba le e hlakola, ke beha meja fatše!” Kahoo kopano e ile ea tšoareloa mohahong oo.

Selemong se latelang, e leng 1956, re ile ra memeloa kopanong ea setereke e Santos, São Paulo. Lipaki tse ka bang 40 tsa phutheho ea habo rōna li ile tsa palama terene tsa ea sebakeng seo. Ha re khutlela Bauru, ka fumana lengolo le reng ke etse mosebetsi oa ho etela liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ke le molebeli ea tsamaeang. Kahoo, ka etsa mosebetsi oo Brazil ka lilemo tse 25 ke haola libakeng tse ngata tsa naha eo e khōlō.

Ka nako e ka etsang selemo feela ho ne ho se ho e-na le sehlopha sa bahoeletsi ba chesehang Bauru

MOSEBETSI OA HO RUTA BIBELE

Ka nako eo, ho nka leeto ho ne ho le boima. Re ile ra pholletsa Brazil eohle ka bese, terene, kariki, baesekele le ka maoto. O mong oa metse ea pele eo re ileng ra e etela ke Jaú, São Paulo. Moruti oa moo o ile a re hanyetsa.

O ile a re laela a re: “Le se ke la bua le linku tsa ka!”

Re ile ra mo araba ra re: “Hase tsa hao, ke tsa Molimo.”

Re ile ra lokisetsa ho bontša batho filimi ea mosebetsi oa rōna oa boboleli oa lefatše lohle e bitsoang The New World Society in Action, empa moruti a hlophisa mokhopi hore o re hlasele. Re ile ra tlalehela  mapolesa hang-hang. Ha moruti le mokhopi oa hae ba fihla, ba ile ba fumana mapolesa a le teng a ba supile ka lithunya. Batho ba bangata ba ile ba thabela filimi eo.

Re ne hanyetsoa hohle moo re eang teng. Ka mohlala, ha re le motseng oa Brusque, o pel’a Blumenau, Santa Catarina, re ile ra fumana bo-pula-maliboho ba babeli ba neng ba hanyetsoa ka mabifi ha ba etsa mosebetsi oa boboleli. Leha ho le joalo, mamello le tiisetso ea bona e ile ea putsoa haholo. Hona joale ka mor’a lilemo tse fetang 50, ho na le liphutheho tse matla tse fetang 60 sebakeng seo, hape ho na le Holo ea Likopano e ntle motseng oa Itajaí.

Ntho e ileng ea re thabisa ka ho fetisisa mosebetsing oa rōna oa ho etela liphutheho ke ho sebetsa hamonate le Lipaki tse ling ha re lokisetsa likopano tse khōlō. Lilemong tsa bo-1970, ke ile ka fuoa tlotla ea ho ba molebeli oa kopano ea setereke e neng e tšoaretsoe Morumbi Stadium. Ho ile ha etsoa boipiletso liphuthehong tse ka bang 100 tse haufi le moo hore e ’ngoe le e ’ngoe e romele batho ba leshome ba tla hloekisa lebala bosiung ba pele ho kopano.

Ha libapali li tsoa lebaleng li ile tsa soma tsa re: “Bonang basatsana bana ba tšoereng mafielo le limmopo.” Leha ho le joalo, ba ile ba hloekisa lebala leo ka lihora tse seng kae feela! Mookameli oa lebala o ile a re: “Basebetsi ba ka ba ka be ba nkile beke kaofela ho etsa seo lona Lipaki le se entseng ka lihora tse ’maloa!”

RE KHUTLELA UNITED STATES

Ntate oa ka o ile a hlokahala ka 1980, eaba ka mor’a moo re khutlela Fremont, California, United States ho ea hlokomela ’Mè. Re ile ra fumana mosebetsi oa ho hloekisa mehaho bosiu ’me ra tsoela pele ka bopula-maliboho re thusa batho ba buang Sepotoketsi sebakeng seo. Hamorao ra fallela San Joaquin Valley, moo re neng re batla batho ba buang Sepotoketsi sebakeng seo se seholo ho tloha Sacramento ho ea Bakersfield. Hona joale ho na le liphutheho tse ka bang 10 tsa Sepotoketsi California.

Ka mor’a lefu la ’Mè ka 1995, re ile ra fallela Florida ho ea hlokomela ntate oa Billie ho fihlela a hlokahala. ’Mè oa hae o ile a hlokahala ka 1975. Ka 2000 re ile ra fallela lehoatateng le ka boroa-bophirimela ho Colorado ho ruta Maindia a Amerika a lulang Navajo le Ute Bibele. Ka masoabi, Billie o ile a hlokahala ka February 2014.

Ke thabile haholo hore ebe lilemong tse ka holimo ho 65 tse fetileng ke ile ka kopana le Paki ea Jehova e ileng ea araba lipotso tsa ka tse ngata e sebelisa Bibele. Se nthabisang le ho feta ke hore ebe ke ile ka netefatsa hore o ruta se ka Bibeleng. Sena se entse hore ke phele bophelo bo putsang ba ho sebeletsa Molimo.