Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molao oo Molimo a Neng a o File Baiseraele o ne o se Leeme?

Na Molao oo Molimo a Neng a o File Baiseraele o ne o se Leeme?

NAKONG e fetileng, ho na le makhotla a naheng e ’ngoe ea bophirimela a ileng a amohela bopaki ba bohata khahlanong le banna ba babeli ba qosoang ka polao ’me ba ahloleloa lefu. Hang ha liakhente li hlokomela hore bopaki boo ke ba bohata, li ile tsa loana ka thata ’me e mong oa banna bao a lokolloa. Leha ho le joalo, esita le liakhente tse hloahloa li ne li ke ke tsa etsa letho ho thusa motšoaruoa e mong kaha o ne a se a bolailoe.

Kaha lekhotleng lefe kapa lefe toka e ka khopamisoa, Bibele e re khothalletsa hore re phehelle toka. (Deuteronoma 16:20) Batho ba rua molemo ha baahloli ba phehella toka. Molimo o ile a fa Baiseraele ba mehleng ea boholo-holo melao e se nang leeme. A re hlahlobeng Molao oo e le hore re bone hore na efela ‘litsela tsohle tsa Molimo e le toka.’—Deuteronoma 32:4.

BAAHLOLI ‘BA BOHLALE, BA MASENE LE BA NANG LE PHIHLELO’

Batho baa khotsofala ha baahloli ba tseba mosebetsi oa bona, ba hloka leeme ba bile ba se na bobolu. Baahloli ba joalo ba ne ba nkoa e le ba bohlokoa haholo Molaong oo Molimo a neng a o file Baiseraele. Ha Baiseraele ba le qalong ea leeto la bona lefeelleng, Moshe o ile a laeloa hore a batle “banna ba nang le bokhoni, ba tšabang Molimo, banna ba tšepahalang, ba hloileng phaello e sa lokang” hore e be baahloli. (Exoda 18:21, 22) Ka mor’a lilemo tse 40, o ile a boela a hatisa hore ho hlokahala hore sechaba se ahloloe ke “banna ba bohlale le ba masene le ba nang le phihlelo.”—Deuteronoma 1:13-17.

Ka mor’a lilemo tse makholo, Morena Josafate * oa Juda o ile a laela baahloli a re: “Bonang seo le se etsang, hobane ha le ahlolele motho empa le ahlolela Jehova; o na le lōna tabeng ea ho ahlola. Joale le ke le oeloe ke tšabo ea Jehova. Hlokomelang ’me le nke bohato, etsoe ho Jehova Molimo oa rōna ha ho na ho se loke kapa leeme kapa ho nka tjotjo.” (2 Likronike 19:6, 7) Kahoo, Morena o ile a hopotsa baahloli hore haeba liqeto tsa bona li etsoa ka leeme kapa li susumetsoa ke meharo, ba ne ba tla ikarabella ho Molimo ka tšenyo eo ba e bakileng.

Ha baahloli ba Iseraele ba ne ba mamela melao eo e phahameng, sechaba se ne se ikutloa se sireletsehile. Empa Molao oa Molimo o ne o boetse o e-na le melao-motheo e thusang baahloli hore ba se ke ba ahlola ka leeme, esita le maemong a thata ka ho fetisisa. E meng ea melao-motheo eo ke efe?

MELAO-MOTHEO E NENG E ETSA HORE BA AHLOLE KA TOKA

Le hoja baahloli e ne e lokela ho ba banna ba bohlale le ba nang le tsebo, ba ne ba sa lokela ho ahlola ho latela kutloisiso kapa bohlale ba bona. Jehova Molimo o ile a ba fa melao-motheo kapa litaelo tse neng li tla ba thusa hore ba etse liqeto tse nepahetseng. Tse ling tsa litaelo tseo baahloli ba Baiseraele ba ileng ba li fuoa ke tsena.

Batlisisa taba. Molimo o ile a sebelisa Moshe ho laela baahloli ba Baiseraele a re: “Ha le mamela taba pakeng tsa barab’abo lōna, le ahlole ka ho loka.” (Deuteronoma 1:16) Baahloli ba ka liha kahlolo e seng leeme hafeela ba tseba lintlha kaofela.  Ka lebaka leo, Molimo o ile a laela baahloli a re: “Le boele le batle le batlisise ’me le botsisise.” Baahloli ba ne ba lokela ho etsa bonnete ba hore qoso “e tiisitsoe hore ke ’nete” pele ba tsoela pele ho e sebetsa.—Deuteronoma 13:14; 17:4.

Mamela bopaki. Seo lipaki li se buang e ne e le sa bohlokoa lipatlisisong. Molao oa Molimo o ile oa re: “Ho se ke ha ema paki le e ’ngoe khahlanong le motho mabapi le phoso leha e le efe kapa sebe leha e le sefe, tabeng ea sebe leha e le sefe seo a ka se etsang. Taba e lokela ho tiisoa ka melomo ea lipaki tse peli kapa ka melomo ea lipaki tse tharo.” (Deuteronoma 19:15) Molao oa Molimo o ile oa re ho lipaki: “U se ke ua bolela tlaleho ea bohata. U se ke ua sebelisana ’moho le ea khopo ka ho fetoha paki e rerang pefo.”—Exoda 23:1.

Bolella lipaki hore li lokela ho bua ’nete. Kotlo e neng e fuoa motho ea thetsitseng lekhotla e ne e etsa hore batho bohle ba amehang ba nahane ka thata: “Baahloli ba tla batlisisa, ’me haeba paki eo e le paki ea bohata ’me e qositse mor’abo eona ka bohata, le e etse feela joalokaha e ne e rerile ho etsa ho mor’abo eona, ’me le tlose se sebe har’a lōna.” (Deuteronoma 19:18, 19) Haeba motho a ne a ka thetsa lekhotla e le hore a fumane lefa la motho e mong, o ne a tla lokela ho lefa se lekanang le seo a se fumaneng. Haeba a ne a ka bua leshano e le hore motho ea se nang molato a bolaoe, le eena o ne a tla bolaoa. Molao ona o ne o susumelletsa batho ho bua ’nete.

Ahlola ka toka. Ha baahloli ba se ba fumane bopaki kaofela, ba ne ba nka nako pele ba fihlela qeto. Mothating ona, lintlha tse totobetseng tsa Molao oa Molimo e ne e e-ba tsa bohlokoa: “Le se ke la etsa ka ho hloka toka kahlolong. Le se ke la tšoara ea tlaase ka leeme, ’me le se ke la emela e moholo. Le ahlole oa habo lōna ka toka.” (Levitike 19:15) Maemong ana kaofela, baahloli ba ne ba lokela ho etsa  qeto ba itšetlehile ka bopaki bo fanoeng, ba se ke ba ea ka tšobotsi kapa maemo a motho.

Melao-motheo ena e boletsoeng ka ho hlaka Molaong oo Molimo a o fileng Baiseraele lilemong tse makholo tse fetileng, o ntse o ka sebetsa hamolemo makhotleng kajeno. Haeba baahloli ba e latela, ho ke ke ha e-ba le batho ba ahloloang ka ho hloka toka kapa ka leeme.

Toka e ke ke ea khopamisoa ha ho lateloa Molao oa Molimo

BATHO BA NENG BA RUA MOLEMO HA HO SEBELISOA TOKA

Moshe o ile a re ho Baiseraele: “Ke sechaba sefe se seholo se nang le melao ea tsamaiso e lokileng le liqeto tsa boahloli tse kang melao ee eohle eo ke e behang ka pel’a lōna kajeno?” (Deuteronoma 4:8) Ka sebele ho ne se na sechaba se seng se neng se rua melemo eo. Pusong ea Morena Solomone, eo bocheng ba hae a ileng a leka ho mamela melao ea Jehova, batho ba ne “ba lula ba sireletsehile,” ba phela ka khotso, “ba ja ba noa ’me ba thabile.”—1 Marena 4:20, 25.

Ka masoabi, Baiseraele ba ile ba qetella ba furaletse Molimo oa bona. Molimo o ile a sebelisa Jeremia hore a phatlalatse sena: “Bonang! Ba lahlile lentsoe la Jehova, ’me ba na le bohlale bofe?” (Jeremia 8:9) Phello e bile hore Jerusalema e ile ea e-ba “motse o molato oa mali” o tletseng “lintho . . . tse manyala.” Qetellong o ile oa felisoa ’me ea e-ba lesupi ka lilemo tse 70.—Ezekiele 22:2; Jeremia 25:11.

Moprofeta Esaia o phetse nakong eo ho neng ho e-na le matšoenyeho Iseraele. Ha a hopola maemo ao a phetseng har’a ’ona, o ile a susumelletseha hore a phatlalatse ’nete ena ka Jehova Molimo le Molao oa Hae: “Ha ho e-na le likahlolo tse tsoang ho uena bakeng sa lefatše, ka sebele baahi ba naha e behang ba tla ithuta ho loka.”—Esaia 26:9.

Esaia o ile a thaba ha a bululeloa ho profeta ka puso ea Morena oa Bomesia, e leng Jesu Kreste a re: “A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae. O tla ahlola ba tlaase ka ho loka, ’me o tla fana ka khalemelo ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše.” (Esaia 11:3, 4) Tseo ke litšepiso tse molemo hakaakang bakeng sa bafo ba ’Muso oa Molimo o tlas’a Morena oa Bomesia!—Matheu 6:10.

^ ser. 6 Lebitso Josafate le bolela “Jehova ke Moahloli.”