Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke Lokela ho Alima Chelete?

Na ke Lokela ho Alima Chelete?

“Ho alima ho tšoana le lechato; ho patala ho tšoana le ho siama.”—Maele a Seswahili.

MANTSOE ana a tloaelehile haholo Afrika Bochabela ’me ha ho pelaelo hore le batho ba linaheng tse ling ba lumellana le ’ona. Na u ikutloa ka tsela eo ka ho alima chelete ho motsoalle kapa mehloling e meng? Le hoja ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala ho hlokahala, na ke bohlale ho alima chelete? Likotsi tsa ho alima chelete ke life?

Ho na le maele a mang a Seswahili a bontšang hore na ho alima ho baka mathata afe. A re: “Ho alima ho senya setsoalle.” Ka sebele, ho alimana chelete ho ka senya setsoalle le likamano tsa batho. Esita le haeba u ikemiselitse ho patala, hangata lintho ha li be ka tsela eo re e lebeletseng. Ka mohlala, haeba re alimile chelete ebe ha re e khutlise ka nako e behiloeng, mong’a eona a ka ’na a koata. Mong’a chelete a ka u tšoara ka pelo, setsoalle sa lona se ka senyeha, mohlomong sa ba sa ama kamano e teng pakeng tsa malapa a lōna. Kaha ho alima chelete ho ka baka liqabang, re lokela ho qoba ho potlakela ho e alima ha re e-na mathata a lichelete.

Ho alima chelete ho ka senya kamano ea motho le Molimo. Joang? Ntlha ea pele, Bibele e re motho ea khopo o alima chelete ebe ka boomo ha a patale. (Pesaleme ea 37:21) Bibele e boetse e bontša ka ho hlaka hore “ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.” (Liproverbia 22:7) Motho ea alimmeng chelete o lokela ho hlokomela hore o na le boikarabelo bo itseng ho motho ea mo alimmeng chelete. Maele a puo e ’ngoe ea Afrika a re: “Ha u alima maoto a motho, u tla ea hohle moo a u laelang teng.” Mantsoe ana a bolela hore ha motho a e-na le sekoloto, ha a etse seo a se batlang.

Kahoo, ha re e-na le sekoloto, re lokela ho qala ka ho se lefa. Ho seng joalo, ho ka hlaha mathata. Ha likoloto li ntse li eketseha li ka etsa hore motho a tepelle, a hloke boroko, a tlamehe ho sebetsa lihora tse eketsehileng, ha qabanya monna le mosali, ha ba ha etsa hore lelapa le qhalane, re se re sa re letho ka ho qosoa kapa ho kenngoa teronkong. Baroma 13:8 e fana ka keletso e bohlale ha e re: “Le se ke la kolota mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe, haese ho ratana.”

NA HOA HLOKAHALA?

Ka mor’a ho nahana ka lintho tsena, ke habohlokoa hore re be hlokolosi ha re alima chelete. Ke bohlale hore re ipotse potso ena: Na ehlile ke hloka ho alima chelete? Na ke e alima hore ke iphelise molemong oa ho hlokomela litlhoko tsa ba lelapa la ka? Kapa na ke ka lebaka la ho ba meharo, mohlomong hore ke be le lintho tseo ba bang nang le tsona? Hangata ho molemo hore motho a khotsofalle se senyenyane seo a nang le sona ho e-na le hore a lule a alima chelete.

Ke ’nete hore ho ka ba le maemo a tlamang motho hore a alime chelete, joaloka ha ho hlaha boemo ba tšohanyetso ’me ho se na tsela ea ho sebetsana le bona. Leha ho le joalo, haeba motho a alima chelete, o lokela ho tšepahala. U ka etsa seo joang?

Ntlha ea pele, le ka mohla u seke ua nka monyetla hobane motho ea u alimang chelete a bonahala a ruile. Ha rea lokela ho nka hore ha motho a ruile, o lokela ho re thusa litabeng tsa lichelete. Hape ha rea lokela ho iphapanyetsa ho patala motho ea joalo. U se ke ua honohela batho ba ruileng.—Liproverbia 28:22.

Kahoo, netefatsa hore u patala motho ea u alimmeng chelete kapele kamoo u ka khonang. Haeba motho ea u alimmeng chelete a sa u bolelle hore na u khutlise chelete neng, beha nako ’me u fele u e khutlise ka nako eo. Ke habohlokoa hore le etse litumellano tse ngotsoeng e le ho qoba liqabang. (Jeremia 32:9, 10) Haeba ho khoneha, khutlisa chelete ka bouena e le hore u ka leboha motho ea neng a u alimile. Ha re le hlokolosi hore re patale chelete re tla boloka likamano tsa rōna le batho. Thutong ea hae ea thabeng Jesu o ile a re: “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.” (Matheu 5:37) Ho phaella moo, lula u nahana ka Molao oa Khauta o reng: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.

TATAISO EA BIBELE E KA RE THUSANG

Bibele e fana ka litlhahiso tsa kamoo re ka hlōlang bothata ba ho alima chelete. E re: “Ka sebele, ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala.” (1 Timothea 6:6) Sena se bolela hore re lokela ho khotsofalla seo re nang le sona e le hore re qobe liphello tse bohloko tsa ho alima chelete. Leha ho le joalo, ke ’nete hore ha ho bonolo ho khotsofala lefatšeng lena leo batho ba nang le moea oa boithati. Kahoo, re lokela ho sebelisa “boinehelo ba bomolimo.” Ka tsela efe?

A re etse mohlala ka banyalani ba bang ba Bakreste ba Asia. Ha ba sa le bacha, ba ne ba khalla ho reka ntlo joaloka batho ba bang. Kahoo, ba ile ba e reka ka chelete eo ba neng ba e-na le eona ’me ba alima e ’ngoe bankeng le ho ba lelapa. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana, ba ile ba imeloa ke chelete e ngata eo ba lokelang ho e patala khoeli le khoeli. Ba ile ba lokela ho amohela mosebetsi o eketsehileng le ho sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi ’me ba se na nako ea bana ba bona. Monna o re: “E ne eka hlooho ea ka e hatiloe ke lefika ka lebaka la khatello ea maikutlo, ho opeloa le ho hlobaela. Ke ne ke ee utloe eka kea bipetsana.”

“Ho ba le pono ea Mangolo ka leruo hoa sireletsa”

Hamorao, ba ile ba hopola mantsoe a 1 Timothea 6:6 ’me ba etsa qeto ea ho rekisa ntlo ea bona. Ho ba nkile lilemo tse peli pele ba qeta ho patala likoloto tsa bona. Banyalani baa ba ithutile’ng tabeng ee? Ba ile ba re: “Ho ba le pono ea Mangolo ka leruo hoa sireletsa.”

Le hoja batho ba bangata ba tseba maele a Seswahili ao re buileng ka ’ona qalong ea sehlooho sena, ba ntse ba tsoela pele ho alima chelete. Ka mor’a ho hlahloba melao-motheo ea Bibele e bontšitsoeng ka holimo, na ha se bohlale ho nahana ka ho teba ka potso ee, Na ke lokela ho alima chelete?