Timgad —Motse oa Boholo-Holo o Phahla Makunutu
HA MOFUPUTSI a pholletsa le Timgad a ke ke a lumela seo a ka se bonang. Ho na le kotopo e khōlō ea Maroma e batlileng e pupetsoa ke lehlabathe la lehoatata la Algeria! Ha James Bruce oa Scotland a ne a hlokomela sena ka 1765, o ne a sa elelloe hore o eme ho lima lithako tsa motse o moholo ka ho fetisisa o kileng oa hahoa ke Maroma ka Leboea ho Afrika, e leng motse oa boholo-holo oa Thamugadi, oo hona joale o seng o bitsoa Timgad.
Ka 1881, hoo e ka bang lilemo tse ka holimo ho lekholo hamorao, baepolli ba lintho tsa khale ba Mafora ba ile ba sibolla mesaletsa e bolokiloeng ka hloko ea Timgad. Ba ile ba etsa qeto ea hore le hoja sebaka seo e le letsoatlara le thata, ho bonahala baahi ba moo ba ne ba hafa ka nkatana. Ke’ng se ileng sa susumelletsa Maroma ho aha kolone sebakeng se joalo? Hona re ka ithuta’ng ka motse oo oa boholo-holo le ho baahi ba ona?
MORERO O PATEHILENG OA LIPOLOTIKI
Ha Maroma a atolosa puso ea ’ona ho ea fihla Afrika Leboea lekholong la pele la lilemo B.C.E., a ile a tobana le pela li falla ha a hlaseloa ke merabe ea bo-hloma-o-hlomole. Ebe Maroma a ne a tla etsa joang ho theha selekane sa khotso le batho ba moo? Ntho ea pele, masole a lebotho la Third Augustan Legion a ile a haha likampo tse tiisitsoeng ka thata le matlo a balebeli lithabeng tse sabaletseng tse ka leboea ho Algeria ea kajeno. Hamorao ba ile ba haha motse oa Timgad, empa ka sepheo se sele.
Qalong Maroma a ile a haha Timgad hore ebe motse oa masole a behileng meja fatše, empa ha e le hantle ba ne ba e haha hore ba itšireletse khahlanong le merabe ea moo. Leano la bona le ile la atleha. Ho e-s’o ee kae, bophelo bo mabotho-botho ba baahi ba Timgad bo ile ba khahla baahi ba moo, ’me ba ne be e-ea teng ho ea rekisa. E le hore baahi ba moo ba ka lula Timgad, eo ho neng ho lumeletsoe Maroma feela ho lula teng, baahi ba bangata e ile ea e-ba litho tsa lebotho la Roman Legion ka lilemo tse 25 e le hore bona le bara ba bona e ka ba baahi ba Roma.
Kaha ba ne ba sa khotsofalle feela ho ba baahi ba Roma, qetellong Maafrika a mang a ile a fuoa maemo a phahameng Timgad kapa metseng e meng ea likolone. Leqheka lena la Maroma la ho hapa baahi ba moo le ile la atleha hoo lilemo tse ka bang 50 ka mor’a hore Timgad e hahoe ho neng ho lula Maafrika a mangata ho eona.
KAMOO MAROMA A ILENG A BA QHEKELLA
Maroma a ile atleha joang ho qhekella batho ba moo kapele hakaale? Har’a tse ling, ba ile ba buella
taba ea hore baahi bohle baa lekana e leng eona ntho e neng e rutoa ke ralipolotiki oa Moroma, Cicero. Masole a seng a behile meja a Maroma a ile a fuoa naha e lekanang le ea baahi bao e leng matsoalloa a Afrika. Motse o ne o raliloe hantle, o arotsoe ka metsana e bolelele ba limithara tse 20 ’me o le bophara ba limithara tse 20, o boetse o e-na le literata tse moqotetsane. Ntle ho pelaelo, ho aroloa ha naha ka tsela e lekanang le e hlophisehileng hantle joalo ho ile ha hohela baahi ba moo.Feela joalokaha e ne e le tloaelo metseng ea Maroma, baahi ba ne ba bokana khotla ho phura leshoetla ka litaba tsa morao-rao. Ntle ho pelaelo Maafrika a moo a ne a ipona a se a tsamaea tlas’a meriti ea Timgad letsatsing le bataolang kapa a robile monakeli matamong a ho sesa ’me ba mametse metsi a phoroselang. Mohlomong ba ne ba ipona ba lutse pel’a liphororo tsa metsi ba qoqa le metsoalle. E ne eka ke toro ho bona.
Lebala le bulehileng la ho shebella lipapali le lona le ne le hohela baahi ba moo. Kaha le ne le e-na le litulo tse ka holimo ho 3 500, le ne le anela matšoele a tsoang Timgad le metseng e mabapi. Bashebelli ba ne ba bontšoa boithabiso ba Roma bo tsoileng tseleng ka litšoantšiso tse bontšang boitšoaro bo litšila le pefo.
Bolumeli ba Maroma le bona bo ile ba khatha tema. Mabota a matlo a ho hlapa a ne a khabisitsoe ka litema tse mebala-bala tse bontšang litšomo tse simolohang boheteneng. Kaha batho ba hlapa letsatsi le leng le le leng, butle-butle baahi ba ile ba tloaelana le melimo ea Maroma le bolumeli ba teng. Boiteko ba ho etsa hore Maafrika a phele ka setso sa Maroma bo ile ba atleha hoo ba neng ba se ba khabisa majoe a mabitla ka litšoantšo tsa melimo ea Maafrika le ea Maroma.
MOTSE O MOTLE O OELOA KE TLOKOTSI
Ka mor’a hore Moemphera Trajan a hahe motse oo ka 100 C.E., Maroma a ile a khothalletsa baahi ba Afrika Leboea ho hlahisa lijo-thollo, oli ea mohloare le veine. Ho e-s’o ee kae, sebaka seo e ile ea e-ba moliko oa Maroma o fepelang ’muso ka lihlahisoa tsena tsa bohlokoa. Joaloka metse e meng ea likolone, Timgad e ile ea atleha haholo tlas’a puso ea Roma. Ha nako e ntse e-ea, lenane la baahi le ile la eketseha ’me motse oa hōla ho fihlela o tsoela ka ntle ho marako a tiisitsoeng.
Baahi le beng ba mobu ba ile ba rua ka lebaka la ho hoebisana le ’muso oa Roma, empa balemi ba moo ba ne ba sa fumane chelete e ngata hakaalo. Lekholong la boraro la lilemo C.E., ho hloka toka le makhetho a phahameng a ile a qabanya balemi ba banyenyane. Balemi ba neng ba se ba fetohetse tumelong ea K’hatholike ba ile ba tšehetsa sehlopha sa Bakreste ba neng ba loantša bobolu ka har’a Kereke ea K’hatholike.—Sheba lebokose le reng “ Badonatiste—Ha se ‘Kereke e Hloekileng.’”
Ka mor’a makholo a lilemo ho e-na le qhoebeshano ea bolumeli le lintoa tsa bana ba thari, ’muso oa Roma o ile oa lahleheloa ke taolo ea Afrika Leboea. Lekholong la botšelela la lilemo C.E., merabe ea Maarabo e ile ea chesa Timgad lore! hoo qetellong e ileng ea lebaloa ka lilemo tse fetang 1 000.
“BOO KE BONA BOPHELO!”
Baepolli ba lintho tsa khale ba ileng ba fumana mesaletsa ea Timgad ba ile ba makatsoa ke lengolo la Selatine leo ba ileng ba le fumana khotla. Le ne le re: “Ho tsoma, ho sesa, ho bapala, ho tšeha—boo ke bona bophelo!” Rahistori e mong oa Mofora o ile a re, sena “se bontša boikutlo boo mohlomong bo se nang takatso ea bophahamo, empa bo boetse bo bontša bohlale.”
Ha e le hantle, Maroma a ne a phela ka tsela eo ka nako e telele. Mokreste oa lekholong la pele la lilemo e leng moapostola Pauluse o ile a bua ka batho bao boikutlo ba bona e neng e le ho re: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” Le hoja Maroma e ne e le balumeli, ba ne ba phelela monate oa nakoana, ’me ba sa nahane letho ka bokamoso. Pauluse o ile a lemosa Bakreste-’moho le eena ha a re: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:32, 33
Le hoja batho ba Timgad ba phetse lilemong tse ka bang 1 500 tse fetileng, tsela eo batho ba talimang bophelo ka eona ha e-s’o fetohe hakaalo. Batho ba bangata kajeno ha ba nahane letho ka bokamoso. Ho ea ka bona, tsela eo Maroma a neng a phela ka eona e lokile, ho sa tsotelehe hore na liphello ke life. Leha ho le joalo, Bibele e re fa keletso e hlakileng le e utloahalang ha e re: “Boemo ba lefatše lena boa fetoha.” Ka hona, e re khothalletsa hore re se ke ra sebelisa lefatše ka botlalo.—1 Bakorinthe 7:31.
Lithako tsa Timgad li paka hore ho thaba le ho ba le morero bophelong, ha hoa itšetleha ka ho etsa lintho tse neng li ngotsoe lengolong la Selatine leo e leng khale le pupelitsoe ke lehlabathe la Afrika Leboea. Ho e-na le hoo, ho itšetlehile ka ho ela hloko keletso ea Bibele e reng: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.