Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | LEFU LA JESU LE RE TSOELA MOLEMO—JOANG?

Lefu le Tsoho ea Jesu li ka U Tsoela Molemo Joang

Lefu le Tsoho ea Jesu li ka U Tsoela Molemo Joang

“Lumela ho Morena Jesu ’me u tla pholoha.”—Liketso 16:31.

Moapostola Pauluse hammoho le Silase ke bona ba ileng ba bua mantsoe ao a sa lebaleheng ha ba bua le motšoaruoa e mong Macedonia. Ha e le hantle mantsoe ao a bolela’ng? E le hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha ho lumela ho Jesu ho amahanngoa le ho pholosoa lefung, re lokela ho qala ka ho tseba hore na ke hobane’ng ha re e-shoa. Hlokomela seo Bibele e se buang ka taba ena.

Hase morero oa Molimo hore batho ba shoe

“Jehova Molimo a nka motho a mo beha serapeng sa Edene ho se lema le ho se hlokomela. Jehova Molimo a boela a laela motho sena: ‘ U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.’”—Genese 2:15-17.

Molimo o ne a behile motho oa pele e leng Adama, serapeng sa Edene se neng se tletse liphoofolo le limela tse ntle. Ho ne ho e-na le lifate tsa litholoana tseo Adama a neng a ka li ja ka bolokolohi. Leha ho le joalo, Jehova Molimo o ile a bolella Adama hore a se ke a ja litholoana tsa sefate se seng, ’me a mo lemosa hore haeba a ka li ja, o tla shoa.

Na Adama o ile a utloisisa taelo eo? O ne a tseba hore na lefu ke’ng kaha o ne a ee a bone ha liphoofolo li e-shoa. Haeba Molimo a ne a bōpetse Adama hore a shoe, temoso eo e ne e tla be e se na thuso. Empa Adama o ne a tseba hore haeba a mamela Molimo ka hore a se ke a ja litholoana tsa sefate seo, o tla phela ka ho sa feleng.

Batho ba bang ba re sefate seo se emela ho kopanela liphate, empa seo hase ’nete kaha Jehova o ne a batla hore Adama le Eva ba ‘ate ’me ba ngatafale’ le hore ba ‘tlale lefatše ’me ba le buse.’ (Genese 1:28) Molimo o ne a bua ka sefate sa sebele. Jehova o ile a re ke “sefate sa tsebo ea botle le bobe” hobane se ne se emela matla ao a nang le ’ona a ho etsa qeto ka se nepahetseng le se fosahetseng. Haeba Adama a ne a ke ke a ja litholoana tseo, seo se ne se tla bontša hore o mamela Molimo le hore o ananela litlhohonolofatso tsa hae.

Adama o ile a shoa hobane ha aa ka a mamela Molimo

“Eaba [Molimo] o re ho Adama: ‘Kahobane u . . . jele tsa sefate seo ke u laetseng . . . malebana le sona, . . . u tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.’”—Genese 3:17, 19.

Adama o ile a ja tholoana eo a neng a thibetsoe ho e ja. Seo se ne se ke ke sa nkoa habobebe. Ka ketso eo ea hae ea borabele, o ile a bontša pepenene hore o nyelisa lintho tse molemo tseo Jehova a mo etselitseng tsona. Ha Adama a ja tholoana eo, o ile a bontša hore o furalla Jehova ’me o khetha ho itaola, e leng se neng se tla fella ka masisa-pelo.

Feela joalokaha Jehova a ne a boletse, Adama o ile a shoa. Molimo o ne a mo entse “ka lerōle la lefatše” ’me a mo boleletse hore o tla “khutlela lerōleng.” Adama ha aa ka a fetoha sebōpeho kapa hona ho phela sebakeng se seng. O ne a tšoana le lerōle leo a ntšitsoeng ho lona ’me a sa phele ho hang.—Genese 2:7; Moeklesia 9:5, 10.

Re shoa hobane re le bana ba Adama

“Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12.

Ho hloka kutlo ha Adama ho bile le liphello tse bohloko. Ha Adama a etsa sebe eena le bana ba hae bohle ba ile ba lahleheloa ke tšepo ea bophelo bo sa feleng. Ho phaella moo, o ile a lahleheloa ke phetheho, ’me re futsitse ho se phethahale ho eena.

Kaofela re tsoa ho Adama. Kahoo, kaha re futsitse ho se phethahale ho eena, ’mele ea rōna e na le sebe ’me rea shoa. Pauluse o hlalosa boemo ba rōna hantle ha a re: “’Na ke oa nama, ke rekisitsoe tlas’a sebe. Ke monna ea sōtō hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee? Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!”—Baroma 7:14, 24, 25.

Jesu o re shoetse e le hore re phele ka ho sa feleng

“Ntate o rometse Mora oa hae e le Mopholosi oa lefatše.”—1 Johanne 4:14.

Jehova Molimo o entse tokisetso ea ho re pholosa lefung. Joang? O rometse Mora oa hae ea ratoang hore a tsoaloe e le motho ea phethahetseng joaloka Adama. Empa ho fapana le Adama, Jesu “ha aa ka a etsa sebe.” (1 Petrose 2:22) Kaha o ne a phethahetse, o ne a sa futsa sebe, kahoo o ne a ka phela ka ho sa feleng e le motho ea phethahetseng.

Empa Jehova o ile a lumella lira tsa Jesu ho mo bolaea. Matsatsi a mararo hamorao, Jehova o ile a mo tsosa e le motho oa moea e le hore a ka khutlela leholimong. Ha Jesu a fihla leholimong o ile a fa Molimo sehlabelo sa bophelo ba hae bo phethahetseng e le hore a rekolle bana ba Adama. Jehova o ile a amohela sehlabelo seo, ’me a etsa hore batho ba bontšang tumelo ho Jesu ba fumane bophelo bo sa feleng.—Baroma 3:23, 24; 1 Johanne 2:2.

Jesu o ile a etsa hore batho ba fumane seo Adama a neng a se lahlile. O ile a re shoela e le hore re phele ka ho sa feleng. Bibele e re: “Jesu . . . o ile a utloisoa bohloko ke lefu, e le hore ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo a ka latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong.”—Baheberu 2:9.

Tokisetso ena e re senolela ho hong ka botho ba Jehova. Kaha toka ea hae e phethahetse, batho ba sa phethahalang ba ne ba ke ke ba itokolla sebeng le lefung. Leha ho le joalo, ka lebaka la lerato le mohau oa hae, o ile a sebetsa tumellanong le melao ea hae ea toka ’me a fana ka Mora oa hae e le thekollo.—Baroma 5:6-8.

Jesu o ile a tsosoa bafung, ’me le ba bang ba tla tsosoa

“Leha ho le joalo, joale Kreste o tsositsoe bafung, litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung. Etsoe kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho. Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.”—1 Bakorinthe 15:20-22.

Ha ho pelaelo hore Jesu o ile a phela ’me a shoa, empa na ho na le bopaki ba hore o ile a tsosoa? Bopaki bo bong bo totobatsang hore Jesu o ile a tsosoa ke hore o ile a itlhahisa ho batho ba bangata libakeng tse sa tšoaneng. Ka lekhetlo le leng o ile a itlhahisa ho batho ba fetang 500. Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakorinthe, o ile a ba bolella hore ba bang ba batho ba boneng Jesu ba ne ba ntse ba phela ’me ba ka paka hore o tsositsoe.—1 Bakorinthe 15:3-8.

Ho totobetse hore ha Pauluse a ne a re Kreste ke “litholoana tsa pele” tsa ba tsohileng bafung, o ne a bontša hore bafu ba bang ba tla tsosoa. Jesu o ile a re nako ea tla eo ka eona “bohle ba mabitleng a khopotso” ba tla tsosoa.—Johanne 5:28, 29.

Re lokela ho bontša tumelo ho Jesu e le hore re phele ka ho sa feleng

“Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

Lengolo la Genese le re bolella hore na ho tlile joang hore lefu le be teng le hore na ke hobane’ng ha batho ba se ba sa lule serapeng sa Paradeise. Lengolo la Tšenolo lona le re bolella hore lefu le tla felisoa ’me Molimo o tla etsa hore lefatše e boele e be Paradeise. Ka nako eo, batho ba tla phela hamonate ka ho sa feleng. Tšenolo 21:4 e re: “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” E le ho tiisa hore mantsoe ao a tla fela a phethahale, temana ea 5 e re: “Mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.” Jehova o na le matla a ho phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae.

Na ua lumela hore “mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete”? Haeba ho joalo, ithute haholoanyane ka Jesu Kreste ’me u bontše tumelo ho eena. Haeba u etsa joalo, Jehova o tla u rata. O tla u hlohonolofatsa ka ho enneng hona joale ebile u tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise moo ‘lefu, ho bokolla kapa bohloko li ke keng tsa hlola li e-ba teng.’