Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Fumanoe Letlotlo la Mehleng ea Boholo-holo Thotobolong

Ho Fumanoe Letlotlo la Mehleng ea Boholo-holo Thotobolong

U NAHANA ka’ng ha ho buuoa ka thotobolo? Mohlomong u nahana ka sebaka se tletseng toti le se nkhang hampe. Kahoo u ne u ke ke ua lebella ho fumana ntho ea bohlokoa thotobolong, re se re sa re letho ka letlotlo.

Leha ho le joalo, lilemong tse 100 tse fetileng ho ile ha fumanoa letlotlo thotobolong. E ne e se letlotlo la sebele empa e ne e le ntho ea bohlokoahali. Ho ile ha fumanoa letlotlo la mofuta ofe? Ke hobane’ng ha e le la bohlokoa ho rōna kajeno?

LE FUMANOA KA TŠOHANYETSO

Mathoasong a lilemo tsa bo-1900, Bernard P. Grenfell le Arthur S. Hunt, e leng litsebi Univesithing ea Oxford, ba ile ba etela Egepeta. Ha ba le moo, ba fumana likhechana tsa loli tse ’maloa lithotobolong tse haufi le Nile Valley. Hamorao ka 1920, ha basebetsi-’moho le Grenfell ba ntse ba ngola lethathamo la likhechana tseo ba li bokeletseng, eena o ile a fumana likhechana tse ling tse epolotsoeng Egepeta. O ne a li batlela laebrari ea John Rylands e Manchester, Engelane. Leha ho le joalo, banna bao ba babeli ba ile ba shoa pele lethathamo leo le qetoa.

Colin H. Roberts e leng setsebi se seng Univesithing ea Oxford, o ile a qetela mosebetsi oo. Ha a ntse a hlophisa likhechana tsena, o ile a bona se seng se bolele ba lisenthimithara tse robong le bophara ba tse tšeletseng. O ile a makala ha a bona mongolo oa Segerike o nang le mantsoe ao a a tsebang. Ka lehlakoreng le leng ho ne ho ngotsoe mantsoe a Johanne 18:31-33. Ka ho le leng teng ho ngotsoe a temana ea 37 le 38. Roberts o ile a hlokomela hore o fumane letlotlo la bohlokoahali.

HO FUMANA HORE SE NGOTSOE NENG

Roberts o ne a nahana hore sekhechana sena ke sa khale haholo. Empa ke sa khale hakae? E le hore a fumane karabo o ile a bapisa mongolo o sekhechaneng seo le oa meqolo e meng ea khale eo ho tsebahalang hore na e ngotsoe neng. Mokhoa ona o ile oa mo thusa ho bona hore na e ka ’na eaba se ngotsoe neng. Empa o ne a batla ho etsa bonnete ba seo. Kahoo o ile a nka sekhechana seo foto, a romela likopi tsa eona ho litsebi tse tharo tsa mengolo ea khale e le hore li leke ho fumana hore na se ngotsoe neng. Litsebi tseo li ile tsa fihlela qeto efe?

Ka mor’a ho hlahlobisisa mokhoa oo se ngotsoeng ka oona le mongolo, litsebi tsena tse tharo li ile tsa lumellana hore sekhechana seo se ngotsoe pele ho 150 C.E., e leng lilemo tse seng kae ka mor’a lefu la moapostola Johanne. Empa ha motho a sebelisa mokhoa ona a ke ke a fumana hantle hore na meqolo e ngotsoe neng, ’me setsebi se seng se re ho ka etsahala hore ebe sekhechana seo se ngotsoe selemong leha e le sefe lipakeng tsa 101 C.E. le 200 C.E. Leha ho le joalo, sekhechana sena ke sona sa khale ka ho fetisisa sa Mangolo a Segerike a Bakreste se fumanoeng.

SE SENOLOANG KE SEKHECHANA SA RYLANDS

Ke hobane’ng ha sekhechana see sa Kosepele ea Johanne e le sa bohlokoa hakaale ho batho ba ratang Bibele kajeno? Bonyane ka mabaka a mabeli. La pele ke hore tsela eo se ngotsoeng ka eona e re thusa ho utloisisa hore na Bakreste ba pele ba ne ba nka Mangolo e le a bohlokoa hakae.

Ke hobane’ng ha sekhechana see sa Kosepele ea Johanne e le sa bohlokoa hakaale ho batho ba ratang Bibele kajeno?

Lilemong tsa bo-100 C.E., Mangolo a ne a ngolloa meqolong le libukeng. Meqolo e ne e etsoa ka likotoana tsa loli tse rokeletsoeng hammoho e le hore e be leqephe le leholo. Leqephe lena le ne le ka phuthoa kapa la phutholloa ha ho hlokahala. Hangata ho ne ho ngolloa ka lehlakoreng le le leng feela la moqolo.

Leha ho le joalo, sekhechana seo Roberts a ileng a se fumana se ne se ngotsoe ka mahlakoreng a mabeli. Sena se bontša hore se ne se tsoa bukeng eseng moqolong. Buka e ne e etsoa ka maqephe a letlalo kapa a loli a rokeletsoeng ebe a menoa hare.

Ke’ng se neng se etsa hore buka e be molemo ho feta moqolo? Bakreste ba pele ba ne ba bolela lentsoe la Molimo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ba le bolela hohle moo ba fumanang batho, ebang ke malapeng, limmarakeng kapa literateng. (Liketso 5:42; 17:17; 20:20) Kahoo ho ne ho le molemo ha Mangolo a le bukeng ho e-na le moqolong.

Buka e ne e boetse e nolofalletsa batho kapa liphutheho hore ba ikopiletse Mangolo. Kahoo Likosepele li ne li kopitsoa hangata, ’me sena se ile sa etsa hore ho be bonolo hore Bakreste ba ate ka potlako.

Ho bontšitsoe karolo e ka pele le e ka morao

Lebaka la bobeli leo ka lona sekhechana sa Rylands e leng sa bohlokoa ho rōna kajeno, ke hore se senola hore Bibele e ’nile ea kopitsoa ka ho nepahala. Le hoja sekhechana sena se e-na le litemana tse seng kae feela tsa Kosepele ea Johanne, li batla li lumellana hantle le tse ka har’a Libibele tsa rōna kajeno. Kahoo likhechana tsa Rylands li bontša hore le hoja Bibele e ’nile ea kopitsoa hangata, ha ea fetoloa.

Ha e le hantle, sekhechana sa Rylands sa Kosepele ea Johanne ke se seng sa likhechana tse likete le meqolo e tiisang hore Bibele e kopilitsoe ka nepo. Bukeng ea hae ea The Bible as History, Werner Keller o re: “[Meqolo] ena ea khale e tiisa hore Libibele tsa rōna kajeno li nepahetse ebile lia tšepahala.”

Tumelo ea Bakreste ba ’nete ha ea thehoa bopaking ba lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale. Ba lumela hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Leha ho le joalo, ruri hoa khothatsa ho bona kamoo matlotlo a khale a tiisang seo Bibele e ’nileng ea se bolela ha e re: “Lentsoe la Jehova le lula le le teng ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:25.