Re U Lome Tsebe?
Na Bajuda ba ileng ba tla Jerusalema ka Pentekonta ea 33 mehleng ea Jesu ba ne ba hlile ba tsoa “sechabeng se seng le se seng sa tse tlas’a leholimo”?
Ho phaella tlalehong ea Bibele e hlahang ho Liketso 2:5-11, mongoli oa Mojuda oa mehleng eo, ea bitsoang Philo o ile a tlaleha ka letšoele la batho ba ileng ba tla Jerusalema ka Pentekonta ea 33.
Ha Philo a bua ka batho ba neng ba etela Jerusalema, o re: “Matšoele a tsoang metseng e mengata a tla meketeng eohle a tsoa bochabela, bophirima, leboea le boroa a tsamaea naheng le ka likepe.” Hape o ile a qotsa lengolo le tsoang ho Agrippa I, e leng setloholo sa Heroda e Moholo, le neng le ea ho Caligula, Moemphera oa Roma. Lengolong leo, Agrippa o ile a bua ka Jerusalema a re: “Motse oo o Halalelang . . . ke motse-moholo oa linaha tse ngata, eseng oa Judea feela, kaha nako le nako o ’nile oa romela bo-ralikolone linaheng tsa boahelani.”
Agrippa o ile a thathamisa libaka tse neng li entsoe likolone tsa Bajuda, ho akarelletsa tse hōle-hōle tse kang Mesopotamia, Afrika Leboea, Asia Minor, Greece le lihlekehleke tsa Mediterranean. Setsebi se bitsoang Joachim Jeremias se re: “Le hoja lethathamong lena ho sa buuoe ka ho toba ka maeto a ho ea Jerusalema, ho bonahala a ne a e-ba teng kaha Bajuda bohle bao e leng batho ba baholo ba ne ba tlameha ho etela moo ka mabaka a bolumeli.”—Deuteronoma 16:16.
Batho ba likete-kete ba neng ba tla meketeng ea Bajuda Jerusalema ba ne ba lula hokae?
Ka selemo ho ne ho tšoaroa mekete e meraro Jerusalema, e leng oa Paseka, oa Pentekonta le oa Maphephe. Mehleng ea Jesu batho ba likete tse makholo ba ne ba ea Jerusalema meketeng eo, ba tsoa naheng eohle ea Iseraele le linaheng tse ling tseo Bajuda ba neng ba lula ho tsona. (Luka 2:41, 42; Liketso 2:1, 5-11) Baeti bana kaofela ba ne ba lokela ho batla moo ba ka lulang teng.
Ba bang ba ne ba ka robala ha metsoalle ea bona; ba bang bona ba robala matlong a baeti. Ba bangata ba ne ba lula litenteng tse hlonngoeng ka har’a marako a motse kapa haufi le ’ona. Lekhetlong la ho qetela ha Jesu a le Jerusalema, o ne a lula motseng o haufi oa Bethani.—Matheu 21:17.
Ho fumanoe mehaho e mengata e nang le libate tse ngata haufi le tempele. Batho ba nahana hore mehaho ena ke lihostele tseo baeti ba neng ba lula ho tsona ’me ba itlhoekisa ho tsona pele ba kena ka tempeleng. Mongolo o fumanoeng mohahong o mong ho ena o bontša hore Theodotus, eo e neng e le moprista ebile e le moeta-pele oa synagoge ea moo “o ile a haha synagoge eo Torah [Molao] e neng e balloa ho eona. . . a ba a haha hostele le liphaposi le ho li kenya metsi, e le hore bajaki ba hlokang ba ka lula teng.”