Ikitlaelletse ho Bala le ho Ruta​—Livideo

Ntlafatsa tsela eo u balang le eo u rutang ka eona.

KHAOLO 1

Selelekela se Hapang Bamameli

U ka etsang hore bamameli ba hao ba labalabele ho utloa seo u tlo se bua?

KHAOLO 2

U ka Qoqa le Batho Joang?

U ka etsang hore bamameli ba hao ba lule ba khobile matšoafo ha u bua le bona?

KHAOLO EA 3

Ho Botsa Lipotso

U ka sebelisa lipotso joang ho thusa bamameli hore ba hlakeloe ke taba, ba lule ba mametse ka hloko le hore u hatise lintlha tsa bohlokoa?

KHAOLO EA 4

Kenyelletsa Mangolo Hantle

U ka thusa bamameli ba hao joang hore ba khone ho utloisisa mangolo a Bibele ao ua balang?

KHAOLO 5

Ho Bala Hantle

Ke’ng e ka u thusang hore u bale hantle ha u balla holimo?

KHAOLO 6

Hlalosa Bohlokoa ba Lengolo

U lokela ho etsa’ng ho thusa bamameli ba hao ho bona hore na ke hobane’ng ha u bala lengolo?

KHAOLO 7

Bua Litaba Tse Nepahetseng

Ke joang u ka etsang bonnete ba hore ha u sothe litaba?

KHAOLO 8

U ka Etsa Lipapiso Joang?

U ka etsisa mosuoe e moholo joang ka ho sebelisa lipapiso ka tsela eo bamameli ba tla li utloisisa?

KHAOLO 9

Ruta ka Lintho Tseo Batho ba ka li Bonang

U ka sebelisa litšoantšo kapa lintho tse ling joang e le hore u thuse bamameli ba hao ho utloa lintlha tsa bohlokoa?

KHAOLO 10

Ho Feto-fetoha ha Molumo oa Lentsoe

U ka feto-fetola molumo oa lentsoe joang e le hore u fetise lintlha ka tsela e hlakileng le e tla ama bamameli ba hao?

KHAOLO 11

Cheseha

U lokela ho cheseha hakae e le hore u thuse bamameli ba hao hore ba etse ntho eo ba qetang ho e utloa?

KHAOLO 12

Mofuthu le ho Nahanela

U ka bontša joang hore u tsotella bamameli ba hao le hore oa ba nahanela?

KHAOLO 13

Hlakisa Bohlokoa ba Taba

U ka fana ka puo ea hao joang e le hore bamameli ba utloisise taba eo u buang ka eona le hore na e ba ama joang?

KHAOLO 14

Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho

Haeba u etsa hore lintlha tsa sehlooho li hlake, u tla thusa bamameli ba hao hore ba mamele, ba utloisise ba be ba hopole lintlha tsa puo ea hao.

KHAOLO 15

Ho Bua ka Kholiseho

U ka bua ka kholiseho joang ha u le tšimong kapa ha u fana ka puo?

KHAOLO 16

E-ba ea Khothatsang

Ke lintho life tse tharo tseo re lokelang ho li etsa e le hore ha re bua re thuse bamameli ba rona re be re etse hore ba be le tšepo?

KHAOLO 17

Taba ea Utloahala

Ke lintho life tseo u lokelang ho li qoba ha u ntse u thusa bamameli ba hao hore ba utloisise taba eo u buang ka eona?

KHAOLO 18

Taba e Ruta Bamameli

U ka etsa’ng hore u thuse bamameli ba hao ho nahana le ho ba ruta lintlha tsa bohlokoa?

KHAOLO 19

Finyella Lipelo Tsa Bamameli

U ka susumetsa bamameli ba hao joang e le hore ba etse lintho tse nepahetseng?

KHAOLO 20

Sephetho se Amang Pelo

Sepheo sa hao e lokela ho ba sefe ha u lihela likhala puong ea hao kapa ha u qetella moqoqo tšimong?

Mohlomong u ka Rata le

LIBUKA LE LIBUKANA

Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta

Sengoliloeng sena se reretsoe ho re thusa ho ntlafatsa tsela eo re balang le eo re rutang ka eona.