Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 100

Re be Mosa ho Bohle

Re be Mosa ho Bohle

(Liketso 17:7)

  1. 1. Jehova o re amohela bohle.

    O hlokomela batho a sa khethe.

    O ba fa letsatsi,

    hammoho le pula

    O khotsofatsa batho bohle.

    A re etsiseng Molimo oa rona,

    Ka hore re hlokomele ba hlokang.

    O tla buseletsa

    molemo oa rona,

    Haeba re le mosa ho bohle.

  2. 2. Ha re tsebe molemo o ka hlahang

    Ha re thusa batho ba se nang letho.

    Re tsotelle batho

    ba merabe eohle,

    Re ba rate ka pelo eohle.

    Joaloka Lydia, ba amoheleng.

    Ba tla fumana khotso le phomolo.

    Molimo’a rona

    o tla re hlokomela,

    Ha re etsisa mosa oa hae.