Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 128

Mamellang ho Fihlela Qetellong

Mamellang ho Fihlela Qetellong

(Matheu 24:13)

  1. 1. Ka baka la litšepiso

    Tsohle tsa Molimo,

    Re tla lula re mamella

    Ho fihlela qetellong.

    Ntho tseo a li tšepisitseng,

    O tla li phethahatsa.

    Leha mathata a hlaha,

    Lulang le tšepahala.

  2. 2. Lulang le rata Jehova

    Ka linako tsohle.

    Le lule le mameletse

    Ha mathata a hlaha.

    Le se tšohe le ka mohla

    Leha ho ka ba thata.

    Jehova o tla re thusa,

    A be haufi le rona.

  3. 3. A re luleng re mamella,

    Re tle re pholosoe,

    Jehova o tla hopola

    Bohle ba tšepahalang.

    Kahoo, re ikemisetse

    Ho lula re mamella.

    Jehova o tla re rata

    ’Me re thabe kamehla.