Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 139

Ipone U le Teng Lefatšeng le Lecha

Ipone U le Teng Lefatšeng le Lecha

(Tšenolo 21:​1-5)

  1. 1. Ipone moo ’me u mpone,

    Bona bohle lefatšeng le lecha.

    Nahana hle, ho tla ba joang.

    Re se re phela re thabile,

    Ho se na ba khopo ho hang,

    Lefatše le se le nchafetse,

    Jehova a busa ka ho sa feleng

    ’Me re bina ho tsoa pelong,

    re thabile.

    (K’HORASE)

    ‘Jehova Ntate, rea u leboha.

    U tšoaneloa ke khanya le tlhompho.

    ’Muso oa hao o nchafalitse ntho tsohle.

    Ka lebaka leo re batla ho’u rorisa.’

  2. 2. Ipone moo ’me u mpone,

    U lebelle lefatše le lecha,

    Ho se mohla re tla bona

    Le ho utloa ka tsohle tse mpe.

    ’Mopi o tla phethahatsa

    Tsohle tseo a li tšepisitseng.

    O tla tsosa bohle ba tšepahetseng.

    Re tla bina le bona

    re nyakaletse.

    (K’HORASE)

    ‘Jehova Ntate, rea u leboha.

    U tšoaneloa ke khanya le tlhompho.

    ’Muso oa hao o nchafalitse ntho tsohle.

    Ka lebaka leo re batla ho’u rorisa.’