PINA EA 14
Rorisang Morena e Mocha oa Lefatše
-
1. Letšoele le tsoang lichabeng
le bokane hammoho,
Le bokeletsoe ke Kreste
le batlotsuoa ba hae.
’Muso’a Jehova oa busa.
Re rapella thato ea hae.
Re na le tšepo e thabisang,
E re fang le matšeliso.
(K’HORASE)
Rorisang Jehova le mora oa hae Jesu
Kaha joale ke Morena.
Re rorise Morena oa rona
’Me re be re mo hlomphe.
-
2. Re bina re thabile
re rorisa Jesu Kreste.
Jesu Khosana ea Khotso
o tla tlisa poloko.
Re lebeletse ho bona
Ho na le khotso lefatšeng.
Ho tla tsosoa le ba mabitleng,
Bohle re thabe haholo.
(K’HORASE)
Rorisang Jehova le mora oa hae Jesu
Kaha joale ke Morena.
Re rorise Morena oa rona
’Me re be re mo hlomphe.