Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 144

A re Luleng re E-na le Tšepo

A re Luleng re E-na le Tšepo

(2 Bakorinthe 4:​18)

  1. 1. Nakong eo bohle ba tla phela

    Ba thabile ho se ea kulang,

    Bana ba bina ba thabile

    ’Me bohle ba khotsofetse,

    Nakong eo bafu ba tla tsosoa,

    Batho ba se ba phethahetse,

    (K’HORASE)

    ’Mopi o tla etsa tseo tsohle.

    Re lule re na le tšepo.

  2. 2. Nakong eo khotso e tla ba teng

    Liphoofolong tsohle lefatšeng,

    Nakong eo phiri le konyana

    Li tla be li fula ’moho,

    Ho se ho se na motho ea llang,

    Tse bohloko se li felile,

    (K’HORASE)

    ’Mopi o tla etsa tseo tsohle.

    Re lule re na le tšepo.