Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 146

‘Lintho Tsohle li ba Ncha’

‘Lintho Tsohle li ba Ncha’

(Tšenolo 21:​1-5)

  1. 1. Lipontšo tsa puso’a Molimo li teng.

    Jesu Kreste o lutse teroneng.

    Joale Satane o lelekiloe.

    Thato’a Jah e tla etsoa lefatšeng.

    (K’HORASE)

    Thabang hobane Molimo

    O tla nchafatsa ntho tsohle

    ’Me o tla lula le batho bohle,

    A hlakole meokho ea bona,

    A felise le lefu lefatšeng.

    Mantsoe ana ke ’nete.

  2. 2. Bonang monyaluoa oa Kreste Jesu.

    Ke Jerusalema e phatsimang.

    Ke motse o mocha o ratehang.

    Jehova ke eena ea o khantšang.

    (K’HORASE)

    Thabang hobane Molimo

    O tla nchafatsa ntho tsohle

    ’Me o tla lula le batho bohle,

    A hlakole meokho ea bona,

    A felise le lefu lefatšeng.

    Mantsoe ana ke ’nete.

  3. 3. Ke motse oo bohle ba tla o rata.

    Menyako ea oona ha e koaloe.

    Lichaba li phallela ho oona.

    Khanya ea oona ea bonahala.

    (K’HORASE)

    Thabang hobane Molimo

    O tla nchafatsa ntho tsohle

    ’Me o tla lula le batho bohle,

    A hlakole meokho ea bona,

    A felise le lefu lefatšeng.

    Mantsoe ana ke ’nete.