Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 15

Rorisang Letsibolo la Jehova

Rorisang Letsibolo la Jehova

(Baheberu 1:6)

  1. 1. Rorisang Mor’a Jah.

    Ke eena letsibolo,

    ’Musi ea nang le toka,

    Ea tla lopolla batho.

    Lebitso la Molimo,

    Oa le halaletsa,

    Le puso ea Jehova

    Oa e phatlalatsa.

    (K’HORASE)

    Rorisang Mor’a Jah,

    Rorisang Letsibolo.

    O behiloe Sione,

    Joale o se a busa.

  2. 2. Rorisang Mor’a Jah,

    Ea ileng a re shoela

    Eaba rea lokoloha,

    ’Mopi a re tšoarela.

    Le monyaluoa o teng,

    O emetse Kreste.

    Lenyalo leo la Kreste

    Le tla re thabisa.

    (K’HORASE)

    Rorisang Mor’a Jah,

    Rorisang Letsibolo.

    O behiloe Sione,

    Joale o se a busa.