Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 153

Mphe Sebete

Mphe Sebete

(2 Marena 6:16)

  1. 1. Letsoalo lea nkotla—

    Ho hotšo moo ke eang.

    Empa Jah oa ntataisa,

    O tla nloanela.

    Leha ho le thata,

    Ke kholisehile:

    U ke ke be oa mphuralla,

    U ntširelelitse.

    (K’HORASE)

    Jehova, mphe tumelo hle,

    U nthuse ke bone

    Hore ba bangata hakaakang

    Hlakoreng la rona.

    Ak’u mphe sebete,

    Ke tle ke mamelle.

    Jehova, mphe sebete,

    U Ea Matla ’Ohle.

  2. 2. Re batho rea tšoha.

    Re felloa ke matla.

    Empa u lefika la ka,

    Ke uena ea hlolang.

    Ke kopa sebete,

    Ke se tšabe letho.

    Teronko kapa lebitla—

    Ha se letho ho ’na.

    (K’HORASE)

    Jehova, mphe tumelo hle,

    U nthuse ke bone

    Hore ba bangata hakaakang

    Hlakoreng la rona.

    Ak’u mphe sebete,

    Ke tle ke mamelle.

    Jehova, mphe sebete,

    U Ea Matla ’Ohle.

    (K’HORASE)

    Jehova, mphe tumelo hle,

    U nthuse ke bone

    Hore ba bangata hakaakang

    Hlakoreng la rona.

    Ak’u mphe sebete,

    Ke tle ke mamelle.

    Jehova, mphe sebete,

    U Ea Matla ’Ohle.

    Jehova, mphe sebete,

    U Ea Matla ’Ohle.