Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 17

“Kea Batla”

“Kea Batla”

(Luka 5:13)

  1. 1. Mor’a Jah o bile mosa.

    O ile a tla lefatšeng

    Ho tla ruta batho

    le ho ba thusa

    Hoba o ne a ba rata.

    Kamehla o n’a ba thusa,

    A tšelisa ba bangata.

    Ka mosa o n’a folisa batho,

    A re ho bona: “Kea batla.”

  2. 2. Re leka ho mo etsisa

    Bophelong letsatsi ka leng.

    Re rata bohle bao

    Re ba pakelang.

    Re ba thusa ho mamela.

    Re thuse ba mahlomoleng.

    Re ba rate ka liketso.

    Kahoo haeba khutsana e kopa,

    Kapele e-re: “Kea batla.”