Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 31

Le Tsamaee le Molimo

Le Tsamaee le Molimo

(Mikea 6:8)

  1. 1. Le tsamaee le Molimo

    Le ikokobelitse.

    Le rateng Jehova, le mo tšepe.

    O tla le matlafatsa.

    Ha le ithuta Lentsoe la hae,

    Ha le na lahleha.

    Molimo a le tataise.

    Le ’ne le mo mamele.

  2. 2. Le tsamaee le Molimo

    Le be ba halalelang.

    Le nahane ka ntho tse hloekileng.

    ’Mopi o tla le thusa.

    Le nahane ka bokhabane

    Le lintho tsa ’nete.

    Nahanang ka lintho tsena.

    ’Mopi a be le lona.

  3. 3. Le tsamaee le Molimo

    Ka pelo tse thabileng.

    Le thabeng hobane ke motsoalle

    Ea tla lula a le teng.

    Ha le tsamaea le Molimo,

    Binang le thabile.

    Bohle ba tla bona hore

    Le batho ba Jehova.