Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 45

Lintho Tseo ke li Nahanisisang

Lintho Tseo ke li Nahanisisang

(Pesaleme ea 19:14)

  1. 1. Tsohle tse ka pelong ea ka,

    Tseo ke li nahanisisang,

    E k’e be tse u khahlisang,

    Tse nthusang ho tšepahala.

    Ha ke le har’a mathata

    Ke bile ke hlobaela,

    Ke tla nahana ka uena

    Le ka lintho tse lokileng.

  2. 2. Nthuse ho nahanisisa

    Ka ntho tsohle tse hloekileng

    Le ntho tsohle tse lokileng

    ’Me ke lule ke thabile.

    Menahano ea hao Ntate,

    Ha ho na ea ka e tsebang.

    Nthuse ho nahanisisa

    Ka taba tsa Lentsoe la hao.