Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 62

Pina e Ncha

Pina e Ncha

(Lipesaleme 98)

  1. 1. Le bineleng Jah pina e ncha e monate,

    Hoba o entse ntho tse ngata haholo.

    Le mo roriseng hobane o matla ’ohle.

    Likahlolo tsohle tsa hae li lokile.

    (K’HORASE)

    Le bine

    Ka mantsoe’a phahameng.

    Le bine,

    Jehova oa busa.

  2. 2. Le rorise Jah, binang ka mantsoe’a phahameng.

    ’Mineleng lipina, le thabe kaofela.

    Le mo roriseng, le ’mineleng le thabile.

    Ka liletsa tsohle, le bineng kaofela.

    (K’HORASE)

    Le bine

    Ka mantsoe’a phahameng.

    Le bine,

    Jehova oa busa.

  3. 3. Uena leoatle le tsohle tse ka ho uena,

    Rorisa Jehova Molimo oa rona.

    Opang liatla, linoka le liphororo.

    Lithaba, maralla, le ’minele pina.

    (K’HORASE)

    Le bine

    Ka mantsoe’a phahameng.

    Le bine,

    Jehova oa busa.