Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 7

Jehova ke Matla a Rona

Jehova ke Matla a Rona

(Esaia 12:2)

  1. 1. ’Mopi Jehova u matl’a rona,

    ’Moloki oa rona ea leng mosa.

    Re bolella bohle taba tsa hao,

    Le haeba ba hana ho mamela.

    (K’HORASE)

    Jehova Ntate, u matl’a rona.

    Re tsebahatsa bitso la hao.

    Jehova ke Lefika la rona,

    Khosi’a rona le Qhobosheane.

  2. 2. Re u sebeletsa re thabile.

    U re thusitse ho tseba ’nete.

    U re tataisa ka Lentsoe la hao

    Hore re emele ’Muso oa hao.

    (K’HORASE)

    Jehova Ntate, u matl’a rona.

    Re tsebahatsa bitso la hao.

    Jehova ke Lefika la rona,

    Khosi’a rona le Qhobosheane.

  3. 3. Re mamela taelo tsohle tsa hao

    Leha Satane a re hlasela.

    Ak’u re thuse ha re hlorisoa

    Hore re lule re tšepahala.

    (K’HORASE)

    Jehova Ntate, u matl’a rona.

    Re tsebahatsa bitso la hao.

    Jehova ke Lefika la rona,

    Khosi’a rona le Qhobosheane.