Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rorisang Jehova

Rorisang Jehova

(Pesaleme ea 96:8)

Daonlouda:

  1. 1. Jehova Ntate oa rona,

    Re tla u leboha joang?

    U re file lintho tsohle,

    Oa re bontša rato la hao.

    Ha re sheba leholimo,

    Re nahana ka uena

    Molimo ea matla ’ohle,

    Ea re hlohonolofatsang.

    (K’HORASE)

    Re rorisa bitso la hao Ntate,

    Re u binela pina.

    U tšoaneloa ke thoriso Ntate.

    U Molimo oa rona.

    Re tla rorisa uena.

  2. 2. Re inehetse ho uena.

    Re tla u sebeletsa,

    Re tsebise batho bohle

    Mesebetsi eohle ea hao.

    Ntate u re file tlotla

    Ea ho bitsoa ka uena.

    Re tla ’ne re u rorise

    Ka lipelo tse thabileng.

    (K’HORASE)

    Re rorisa bitso la hao Ntate,

    Re u binela pina.

    U tšoaneloa ke thoriso Ntate.

    U Molimo oa rona.

    Re tla rorisa uena.

  3. 3. Ha re bona linaleli,

    Maoatle le lithaba,

    Re hopola rato la hao,

    Re bona bohlale ba hao.

    Ha re sheba popo ea hao,

    Re bona matla a hao.

    E etsa hore re thabe,

    Re rorise bitso la hao

    (K’HORASE)

    Re rorisa bitso la hao Ntate,

    Re u binela pina.

    U tšoaneloa ke thoriso Ntate.

    U Molimo oa rona.

    Re tla rorisa uena.