Fetela boitsebisong

Ho Boha Mehaho ea Bethele

Re u mema ka mofuthu hore u tl’o boha liofisi tsa lekala la rona tseo ka tloaelo li bitsoang Bethele. Ho tse ling tsa liofisi tsa rona, ho na le lipontšuoa tseo u ka li shebang ho sa hlokahale motho ea u tataisang.

Re se re ka Khona ho Etela Bethele Hape: Linaheng tse ngata ho ile ha lumelloa hore batho ba etele Bethele hape ho tloha ka la 1 June 2023. Haeba u batla ho etela Lekala le itseng, ngolla Lekala leo bakeng sa lintlha tse eketsehileng. Ka kopo u se ke oa etela Bethele haeba u tšoeroe ke COVID-19, sefuba kapa u na le matšoao a sefuba le haeba u sa tsoa kopana le motho ea tšoeroeng ke COVID-19.

Afrika Boroa

Boitsebiso ka ho Chakela Bethele

Na u tlameha ho tsebisa Bethele pele u etela teng? Ho joalo. E le ho qoba tšubuhlellano le ho etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong o thabela leeto la Bethele, re kopa hore batho bohle ba batlang ho chaka ba re tsebise pele ba tla ho sa tsotellehe hore na ba tla ba le bakae ka palo. U ka re tsebisa hore na u tla neng bonyane beke pele u tla. Haeba u batla ho chaka ka matsatsi a phomolo, re kopa hore u re bolelle ka nako esale pele.

Haeba u sa re tsebisa esale pele hore oa tla, na u tla lumelloa ho boha Bethele? Haeba u sa etsa litlhophiso esale pele, u ka ’na oa hloleha ho bontšoa libaka tsa Bethele. Ke batho ba seng bakae feela ba ka khonang ho chakela Bethele letsatsi ka leng.

U tlameha ho fihla ka nako mang ha u chakela Bethele? E le ho qoba tšubuhlellano, re kopa hore u se ke oa fihla hora pele ho nako eo u e fuoeng.

U ka tsebisa Bethele joang hore u batla ho chaka? Penya moo ho ngotsoeng “Kenya Kopo ea ho Chaka.”

Na u ka fetola kapa hona ho hlakola litokisetso tsa hao? Ho joalo. Penya moo ho ngotsoeng “Sheba Kapa Fetola Kopo ea ho Chaka.”

Ho thoe’ng haeba ho sa khonehe hore nka chaka ka matsatsi ao ke a khethileng? Lula u ntse u hloela websaete. Ho ka etsahala hore nako e hlahe bakeng sa hao haeba batho ba neng ba se ba ntse ba kentse likopo tse amohetsoeng ba hlakole kapa ba fetole likopo tsa bona.

Daonlouda Bukana ea Baeti ea Bethele

Lintho Tseo U Tla li Bona

Sebaka seo Baeti ba Fihlelang ho Sona: U qala pele ka ho boha lefapha la Home la Bethele ’me u tla shebella video ea selelekela. Livideo tseo u tla li shebella ha u ntse u boha Bethele li tla u bontša hore ho etsuoa’ng moo le hore na Bethele e tšehetsa borapeli ba rona joang. Bana ba ka thabela ho inka litšoantšo le Kalebe le Sofia sebakeng se bitsoang E-ba Motsoalle oa Jehova.

Sebaka sa Baeti se Setsing sa Khatiso sa Bobeli: U tla shebella livideo tse tharo tse bontšang bohlokoa ba mosebetsi oa phetolelo le oa ho hatisa lingoliloeng ka lipuo tse buuoang tlas’a ofisi ea lekala la Afrika Boroa. Ho na le moo u ka emang teng ele hore u bone mochine oa rotary o hatisang ha o ntse o sebetsa. Ntho e thabisang eo u tla e bona ke histori ea tsela eo lebitso la Molimo le neng le sebelisoa kateng ka Bibeleng ka lipuo tse buuoang tlas’a ofisi ea lekala.

Sebaka sa Baeti se Setsing sa Khatiso sa Boraro: Ho na le sebaka seo u ka emang ho sona ele hore u khone ho bona moo lingoliloeng tse emetseng ho isoa libakeng tsa tsona li behiloeng teng. U tla bona le sekrine se bontšang moo lingoliloeng tse pakiloeng li eang teng. Ho boetse ho na le livideo tse tharo tse bontšang kamoo Liholo Tsa ’Muso li hahoang kateng, kamoo lingoliloeng li tsamaisoang le kamoo livideo le likhatiso tse rekotiloeng li etsoang kateng.

Moo Baeti ba Phomolang Teng: U ka thabela ho ja lijo tsa hao tsa motšehare sebakeng sena. Mona ke moo ho pakoang libese le moo ho pakoang likoloi tse ling ka matsatsi a phomolo.

Lipalangoang: Ho na le libese tse isang baeti ba tl’o boha Bethele libakeng tse ling tse amohelang baeti li be li ba khutlise.

U tla bona libuka, limakasine, libukana le lipampitšana ka lipuo tse fetang 150 tse isoang liphuthehong tse likete libakeng tse 20. Ho fetoleloa Bibele, lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng le livideo ka lipuo tse fetang 20. Lekala le thusa ho haha Liholo Tsa ’Muso libakeng tse 42 Afrika le sebelisa Lefapha la Meralo le Kaho la Lebatooa.

Aterese le Linomoro tsa Fono

1 Robert Broom Drive East

Rangeview

KRUGERSDORP

1739

SOUTH AFRICA

+27 11-761-1002