Fetela boitsebisong

Ho Boha Mehaho ea Bethele

Re u mema ka mofuthu hore u tl’o boha liofisi tsa lekala la rona tseo ka tloaelo li bitsoang Bethele. Ho tse ling tsa liofisi tsa rona, ho na le lipontšuoa tseo u ka li shebang ho sa hlokahale motho ea u tataisang.

Re se re ka Khona ho Etela Bethele Hape: Linaheng tse ngata ho ile ha lumelloa hore batho ba etele Bethele hape ho tloha ka la 1 June 2023. Haeba u batla ho etela Lekala le itseng, ngolla Lekala leo bakeng sa lintlha tse eketsehileng. Ka kopo u se ke oa etela Bethele haeba u tšoeroe ke COVID-19, sefuba kapa u na le matšoao a sefuba le haeba u sa tsoa kopana le motho ea tšoeroeng ke COVID-19.

Brazil

Rodovia SP-141 - km 43

CESÁRIO LANGE-SP

18285-901

BRAZIL

+55 15-3322-9000

Ho bona sebaka

Mantaha ho isa Labohlano

8:00 a.m. ho ea ho 10:00 a.m. le 1:00 p.m. ho ea ho 3:00 p.m.

Ho nka hora le metsotso e 40 ho bona sebaka

Mesebetsi e etsoang mona

Ofisi ena e hatisa Libibele, libuka le libukana tse limilione tse 36. E romela lithane tse ka bang 7 000 tsa lingoliloeng ka lipuo tse fetang 90, ka selemo.

Kopitsa bukana ea ho bona sebaka.