Ho Boha Mehaho ea Bethele
Re u mema ka mofuthu hore u tl’o boha liofisi tsa lekala la rona tseo ka tloaelo li bitsoang Bethele. Ho tse ling tsa liofisi tsa rona, ho na le lipontšuoa tseo u ka li shebang ho sa hlokahale motho ea u tataisang.
Re se re ka Khona ho Etela Bethele Hape: Linaheng tse ngata ho ile ha lumelloa hore batho ba etele Bethele hape ho tloha ka la 1 June 2023. Haeba u batla ho etela Lekala le itseng, ngolla Lekala leo bakeng sa lintlha tse eketsehileng. Ka kopo u se ke oa etela Bethele haeba u tšoeroe ke COVID-19, sefuba kapa u na le matšoao a sefuba le haeba u sa tsoa kopana le motho ea tšoeroeng ke COVID-19.
Côte d’Ivoire
Rue J-58 - Lot 1758
Deux-Plateaux
3ème tranche, Vallon
ABIDJAN
CÔTE D’IVOIRE
+225 2241-3606
Ho bona sebaka
Mantaha ho isa Labohlano
2:00 p.m. ho ea ho 4:00 p.m.
Ho nka hora e le ’ngoe ho bona sebaka
Mesebetsi e etsoang mona
Ofisi ena e fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka Sebaoulé le ka lipuo tse ling tse tšeletseng: Seabbey, Seattié, Sebété, Segouro, Seguéré le Seyacouba. E etsa libukana le litšoantšiso tse rekotiloeng ka lipuo tse ’maloa.