Fetela boitsebisong

Ho Ithuta ka Nalane ea Lipaki Tsa Jehova

Ho Ithuta ka Nalane ea Lipaki Tsa Jehova

Ka October 2012, ho ile ha buloa mohaho ntlo-khōlō ea rōna e Brooklyn, New York, moo batho ba ka ichebelang nalane ea Lipaki Tsa Jehova. * Moo ho bontšoa maemo a thata le a kotsi ao Bakreste ba bang ba ileng ba tobana le ’ona esita le katleho eo ba e finyeletseng.

Baeti ba ka bona lintho tse etsahetseng nakong e fetileng ho tloha ka 33 C.E., ho tla fihlela mehleng ea rōna. Mohaho oo o arotsoe likarolo tse ’nè, ’me ho na le chate e hokahanyang likarolo tseo ka ho bontša tatellano ea liketsahalo. Karolong ka ’ngoe ho na le sehlooho sa Mangolo ’me ho na le video e khutšoanyane ea selelekela eo baeti ba ka e mamelang ka Senyesemane, ’me ba bala mantsoe a eona ka lipuo tse ling tse tšeletseng—Sefora, Sejapane, Sekorea, Sepanishe, Sepotoketsi le Setaliana.

Likarolo Tsa Mohaho oo

Karolo ea pele e na le sehlooho se reng, “Batho ba Ratile Lefifi,” ’me se thehiloe mantsoeng a Jesu a ho Johanne 3:19. Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho ne ‘ho tla hlaha batho ba khopo ’me ba bue lintho tse sothehileng.’ (Liketso 20:30) Karolong eo, ho bontšitsoe lintho tse bohloko tseo batho bao ba li entseng.

Karolo ea bobeli e na le sehlooho se reng “Leseli le ke le Khanye,” e leng mantsoe a sebelisitsoeng ho 2 Bakorinthe 4:6. Karolong eo ho bontšitsoe lintho tse etsahetseng lilemong tse qetellang tsa bo-1800 ho isa mathoasong a bo-1900. E qala ka pale ea banna ba ileng ba ikitlaelletsa ho hlahloba Mangolo bocha, ’me ho bontšoa kamoo tsebo ea bona e ileng ea hōla le kamoo ba ileng ba eketseha kateng pele ho Ntoa ea I ea Lefatše.

Ka mor’a moo ho bontšoa “Photo-Drama of Creation” e tsebahalang. Ka 1914, Liithuti Tsa Bibele (e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng) li ile tsa qala ho bapala khatiso ena e ikhethang, e kopantseng li-slide le filimi e tsamaisanang le molumo. Ka mor’a hore e lokolloe, batho ba limilione ba ile ba tla ho tla shebella khatiso ena. Karolong eo ho boetse ho na le litšoantšo tse ling tse neng li bontšoa ho “Photo-Drama of Creation,” video e khutšoanyane ea selelekela le li-slide tsa ’mala tse fetang 500.

Karolo ea boraro e na le sehlooho se reng, ‘Drakone ea Halefa,’ se nkiloeng ho Tšenolo 12:17. Moo ho fanoe ka tlaleho ea mahloriso ao balateli ba Kreste ba ileng ba feta ho ’ona mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo le lipale tse amang maikutlo tsa Bakreste ba ileng ba lula ba sa nke lehlakore nakong ea ntoa. Ho na le video e khutšoanyane e bontšang pale ea Paki e ’ngoe e bitsoang Remigio Cuminetti, e ileng ea hana ho apara unifomo ea sesole sa Italy kapa ho loana Ntoeng ea I ea Lefatše. E ’ngoe e bontša pale ea Alois Moser oa Austria. O ile a hana ho re “Heil Hitler!” kahoo a lelekoa mosebetsing ’me qetellong a koalloa kampong ea mahloriso ea Dachau.

Ho entsoe sele e lefifi eaba ho behoa litšoantšo tsa Lipaki Tsa Jehova tse ileng tsa koalloa teronkong linaheng tse kang Greece, Japane, Poland le Serbia, ka lebaka la tumelo ea tsona.

Karolo ea ho qetela e na le sehlooho se reng “Litaba tse Molemo Bakeng sa Lichaba Tsohle,” se thehiloeng ho Matheu 24:14 ’me e bontša mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova li ’nileng tsa o etsa ho tloha ka 1950 ho tla fihlela kajeno. Moo ho behiloe litšoantšo tse bontšang kamoo Lipaki Tsa Jehova li eketsehileng ka potlako kateng, li ’nileng tsa mamella boboleling le ho bontšana lerato la bara ba motho, e leng seo li tsebahalang ka sona.

Pele moeti a tloha sebakeng seo, a ka ea mohahong o monyenyane o bontšang mehaho eo Lipaki Tsa Jehova li neng li e sebelisa lilemong tse ka holimo ho 100 tse fetileng, e leng Bible House le Tabernakele ea Brooklyn.

Mohaho oo o Hahetsoe’ng?

Ho nkile selemo ho rala mohaho ona le likhoeli ho o haha. Lipaki tsa libakeng tse ling li ile tsa fana ka lintho tsa khale tseo li nkang hore ke letlotlo la bohlokoa.

Ke hobane’ng ha ho ile ha etsoa mosebetsi oo oohle? Ha setho se seng sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se ne se botsoa hore na molemo oa see sohle ke ofe, se ile sa bua polelo e tsebahalang e reng: “E le hore re tsebe moo re eang teng, re lokela ho tseba moo re tsoang teng.”

^ ser. 2 Mohaho oo o 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York, ’me o buloa ho tloha Mantaha ho fihlela Labohlano, ka 8:00 a.m. ho ea ho 5:00 p.m. Ho kenoa mahala.