Fetela boitsebisong

Buka ea Bibele ea Genese e se e Fumaneha ka Puo ea Matsoho ea Amerika

Buka ea Bibele ea Genese e se e Fumaneha ka Puo ea Matsoho ea Amerika

BATHO ba sa utloeng litsebeng ba ile ba tsoka matsoho moeeng ho bontša hore ba ananela tsebiso ena e thabisang: “Le tla thabela ho tseba hore ho se ho qaliloe mosebetsi oa ho fetolela libuka tse khethiloeng tsa Bibele tsa Mangolo a Seheberu [Testamente ea Khale]. Khatiso ea [video] ea buka ea Genese eona e se e qetiloe!

Tsebiso eo e ile ea etsoa puong ea ho qetela likopanong tse sa tsoa feta tse neng li tšoeroe ke Lipaki Tsa Jehova ka Puo ea Matsoho ea Amerika.

Ka 2005, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qala ho fetolela Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Puo ea Matsoho ea Amerika, li ile tsa qala ka buka ea Matheu. Ka 2010, libuka tsohle tse 27 tse tsejoang ka hore ke Testamente e Ncha, li ne li se li fetoletsoe kaofela ka Puo ea Matsoho ea Amerika.

Ho phaella moo, Lipaki Tsa Jehova li fetoletse likarolo tse ling tsa Bibele ka lipuo tse ling tsa matsoho tse hlano.

Ke hobane’ng ha li etsa mosebetsi o mokaalo? Lipaki Tsa Jehova lia utloisisa hore litaba tse ngotsoeng Bibeleng li thehiloe puong e buuoang eo batho ba sa utloeng litsebeng ba sa e tsebeng. Bibele ea puo ea matsoho e fetoletsoeng ka tsela e nepahetseng, e hlakileng le e balehang habonolo e etsa hore batho ba bangata ba sa utloeng litsebeng ba utloisise molaetsa oa Bibele le hore ba khone ho ba metsoalle e haufi ea Molimo. Ba ile ba ikutloa joang ka phetolelo ee?

Mohlankana e mong ea sa utloeng litsebeng o ile a re: “Ha buka ea Matheu e ne e lokolloa lilemo tse seng kae tse fetileng, ke ile ka bona sena e le bopaki ba hore Jehova Molimo o batla hore ke kholisehe hore oa nthata ’me ho lokolloa ha buka ea Genese ho entse hore ke bone lerato la hae le ho feta. Jehova o etsa sohle hore ke mo tsebe.

Mosali e mong ea sa utloeng litsebeng o ile a ntša maikutlo a hae ka tsela ena: “Puo ea bona ea matsoho e hlakile ebile e ntša boikutlo bo nepahetseng! Ke rata Bibele ena haholo. Ke bone hore Jehova o batla hore ke bale Lentsoe la hae lohle, temana ka temana e le hore ke mo tsebe haholoanyane. Tsela eo Bibele ena e hlakileng ka eona e nkama maikutlo, ’me e etsa hore ke khone ho itlhalosa hantle ha ke rapela.