Fetela boitsebisong

Pina ea Lipuo Tse Ngata

Pina ea Lipuo Tse Ngata

Ho fetolela pina puong e ’ngoe ke ntho e boima haholo. Athe ho fetolela buka ea lipina tse 135 kaofela ke mosebetsi o boima le ho feta.

Lipaki Tsa Jehova li atlehile ho etsa mosebetsi ona ’me ka nako e ka tlaase ho lilemo tse tharo li fetoletse buka ea Binelang Jehova kaofela ha eona ka lipuo tse 116. Athe lipuo tse ling tse 55 tsona li na le buka ea lipina tse 55. Re lebeletse likhatiso tse eketsehileng ka lipuo tse ling.

Ho Fetolela Lipina le ho Ngola Mantsoe a Tsona

Lipaki Tsa Jehova li se li ntse li fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse ka bang 600 ’me tse ling tsa tsona tse ka bang 400 li fumaneha Inthaneteng. Empa ho fetolela buka ea lipina e bile phephetso e ikhethang. Hobane’ng? Hobane molumo oa lipina tse bukeng ea Binelang Jehova oona ha o fetohe le hoja mantsoe a lipina a fetoletsoe lipuong tse ngata.

Ho hlophisa mantsoe a pina ha ho tšoane le ho fetolela makasine. Ka mohlala, ha bafetoleli ba fetolela makasine ea Molula-Qhooa lipuong tse ling, ba loanela ho fetisa moelelo oa puo eo ba fetolelang ho tsoa ho eona kahohle kamoo ba ka khonang. Empa ho fetolela ’mino ho fapane.

Kamoo ’Mino o Fetoleloang Kateng

Batho ba fetolelang lipina ba sebelisa mokhoa o fapaneng le o tloaelehileng ha ba fetolela, hobane mantsoe a pina a tlameha ho utloahala, a be monate le ho hopoleha habonolo.

Mantsoe a sebelisoang lipineng tsa thoriso a lokela ho ba bonolo e le hore motho ea a binang a ka utloisisa lipolelo le morero oa tsona hang-hang. Lipuong tsohle, mantsoe a lipina le ’mino a tlameha ho kopana habonolo ’me a binehe joalokaha eka ke a sebini.

Bafetoleli ba finyella seo joang? Ho e-na le ho etsa lipolelo tse fetoletsoeng ka ho toba bukeng ea Senyesemane ea Binelang Jehova, lihlopha tsena li laetsoe ho ingolla mantsoe a macha a lumellanang le moelelo oa pina ea Senyesemane. Ha bafetoleli ba ntse ba leka ho lumellana kahohle-hohle le boikutlo ba Mangolo boo pina ka ’ngoe e bo fetisang, ba sebelisa mantsoe a tloaelehileng a puo ea bona, a utloisisehang le ho hopoleha habonolo.

Bohato ba pele e bile ho fetolela pina ea Senyesemane lentsoe ka lentsoe. Eaba Paki e nang le tsebo ea ho ngola mantsoe a lipina e natefisa le ho etsa hore mantsoe a fetoletsoeng a utloahale ka puo eo e ncha. Joale sehlopha se fetolelang le se netefatsang hore ho ngotsoe se nepahetseng, li hlahloba seo motho ea nang le tsebo ea ho ngola mantsoe a lipina a se ngotseng, kamehla li ntse li hopotse hore mantsoe ao a tlameha ho lumellana le seo Mangolo a se rutang.

Lefatšeng ka bophara, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thabela ho fumana buka e ncha ea lipina ’me li sa ntse li lebeletse ho e fumana ka lipuo tse eketsehileng.