Fetela boitsebisong

Hona Joale jw.org e se e Baloa ka Lipuo tse Fetang Tse 300!

Hona Joale jw.org e se e Baloa ka Lipuo tse Fetang Tse 300!

Ha u tobetsa lethathamo la lipuo tse Websaeteng ea jw.org leqepheng lena, u tla bona lipuo tse fetang tse 300, e leng ntho eo u ka ’nang ua se ke ua e fumana Websaeteng leha e le efe e ’ngoe!

Re ka bapisa palo eo le ea Liwebsaete tse ling tse tsebahalang joang? Nahana ka sena: Ho tloha ka July 2013, Websaete ea Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng e ne e fumaneha ka lipuo tse tšeletseng. Naheng ea Europa, Websaete e molaong ea European Union, e ne e ka baloa ka lipuo tse 24. Google e ne e fumaneha ka lipuo tse 71, ha Wikipedia e ne e fumaneha ka tse 287.

Ho nka lihora tse ngata ho fetolela Websaete ka lipuo tse fetang tse 300! Boholo ba mosebetsi ona bo etsoa ke Lipaki Tsa Jehova tse makholo lefatšeng lohle, tse batlang ho rorisa Jehova. Ho na le lihlopha tsa bafetoleli bakeng sa puo ka ’ngoe, ba koetliselitsoeng ho fetolela Senyesemane lipuong tsa bona.

jw.org e na le boitsebiso bo bongata bo fetoletsoeng ka lipuo tse fetang tse 300, kahoo Websaete ena e na le maqephe a mangata haholo—a fetang 200 000!

jw.org hase feela Websaete e fumanehang habonolo empa e boetse e ratoa ke batho ba bangata. Sena se bonahala tlalehong ea Alexa, e leng k’hamphani e hlahlobang hore na ke Liwebsaete life tseo batho ba kenang haholo ho tsona. Tlas’a sehlopha se bitsoang “Religion and Spirituality,” ho na le Liwebsaete tse 87 000, ho akarelletsa tsa malumeli a maholo a lefatše, tsa bahatisi ba libuka tsa bolumeli le mekhatlo e meng e tšoanang le eo. Ho tloha ka July 2013, jw.org e ile ea hlaha boemong ba bobeli lethathamong leo! Boemong ba pele ke Websaete e bapatsang e thusang batho ho fumana liphetolelo tse fapaneng tsa Bibele.

Ho tloha ka October 2013, ka karolelano jw.org e ile ea eteloa ke batho ba fetang 890 000 ka letsatsi. Re tla tsoela pele re etsa hore batho lefatšeng ka bophara, ba fumane boitsebiso bo hlahang ka Bibeleng mahala.