Fetela boitsebisong

Re Sebelisa Litšoantšo ho Thusa Babali

Re Sebelisa Litšoantšo ho Thusa Babali

Lingoliloeng tse ngata tsa Lipaki Tsa Jehova li na le litšoantšo tse mebala-bala tse tsamaisanang le taba e ngotsoeng, empa pele li ne li se na tsona. Khatiso ea pele ea Zion’s Watch Tower, e ileng ea hatisoa ka 1879, e ne e se na litšoantšo. Ka lilemo tse mashome, lingoliloeng tsa rōna li ne li ngoloa boitsebiso feela, ’me e ba ka seoelo li bang le setšoantšo kapa foto e se nang ’mala.

Kajeno lingoliloeng tsa rōna tse ngata li na le litšoantšo. Boholo ba litšoantšo le lifoto tseo u li bonang likhatisong tsa rōna le websaeteng ena, li hlahisoa ke batho ba re etsetsang litšoantšo le ba nkang lifoto. Ba etsa lipatlisiso ka hloko le ka ho feletseng e le hore ba hlahise litšoantšo tse rutang lintho tsa bohlokoa tse etsahetseng historing le linnete tsa Bibele.

Ka mohlala, nahana ka setšoantšo se bontšitsoeng mona se nkiloeng khaolong ea 19, bukeng ea “Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo. Se bontša se neng se etsahala Korinthe ea boholo-holo. Joalokaha ho hlalositsoe khaolong ea 18 bukeng ea Bibele ea Liketso, moapostola Pauluse o eme ka pel’a bema, kapa setulo sa kahlolo. Bafuputsi ba ile ba fa moetsi oa setšoantšo sena boitsebiso boo ba bo fumaneng ha ba ntse ba epolla lintho tsa khale, bo bontšang hore na mohaho oa ’mabole oo e ka ’nang eaba Pauluse o ne a le ho ona ha a hlaha ka pel’a Galio, o ne o le joang. Bafuputsi ba ile ba boela ba fana ka boitsebiso ba hore na Baroma ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba apara joang e le hore Galio e leng motsamaisi oa profinse, a hlahe setšoantšong sena a apere liaparo tsa baemphera. O itšophile ka lesela le leholo le nang le motsero o sephara o pherese ’me o roetse lieta tse bitsoang calcei. Bafuputsi ba re e ka ’na eaba Galio o ne a shebile leboea-bophirimela ha a le bema. Kahoo, moetsi oa setšoantšo a ba le leseli la hore na letsatsi le ne le chabela joang mohahong oo.

Li Behoa ka Tsela e Hlophisehileng

Re hlophisa litšoantšo ho latela lipatlisiso tse entsoeng le ka tsela e tla re nolofalletsa ho boela re li sebelisa. Re qetile lilemo tse ngata re boloka litšoantšo ka lienfelopong tse khōlō ho latela lingoliloeng tseo li hlahang ho tsona. Re ne re li beha ho latela taba eo ho buuoang ka eona. Ha li ntse li eketseha, ho ile ha e-ba thata ho fumana setšoantšo seo re se batlang, kapa seo re batlang ho boela re se sebelisa.

Ka 1991, re ile ra qeta ho etsa lenaneo la k’homphieutha le neng le tla re thusa ho phetha mosebetsi ona. Lenaneo lena le bitsoa Image Services System, ’me hona joale le na le pokello ea litšoantšo tse fetang 440 000. Ntle le litšoantšo tse seng li hlahile lingoliloeng tsa rōna, ho bokelletsoe lifoto tse ling tse likete tseo le tsona li tlang ho sebelisoa.

Ho boetse ho tlalehoa lintlha tse ngata, tse akarelletsang hore na setšoantšo ka seng se sebelisitsoe neng hona hokae, mabitso a bohle ba hlahang setšoantšong le hore na ketsahalo e bontšoang moo e etsahetse neng. Ke habohlokoa hore ho be le tsela ea ho fumana litšoantšo ka potlako ha ho hlahisoa lingoliloeng tse ncha.

Ka linako tse ling, re kōpa tumello ea ho sebelisa litšoantšo tse itseng mekhatlong ea khoebo. Ka mohlala, re ka ’na ra hloka ho sebelisa setšoantšo sa polanete ea Saturn makasineng ea Tsoha! Basebetsi ba rōna ba batla setšoantšo se loketseng ebe ba kōpa tumello ea ho se sebelisa ho mong’a sona. Kaha ba bang ba bona baa tseba hore re ruta batho Bibele lefatšeng ka bophara, ba re lumella ho li sebelisa ba sa re lefise. Ba bang baa re lefisa kapa ba batle hore re bontše hore na re li nkile hokae. Ha ba lumetse, re sebelisa litšoantšo tseo ’me re li boloka lenaneong la rōna la k’homphieutha.

Kajeno lingoliloeng tse ling tsa rōna li na le litšoantšo boholo. Ka mohlala, websaeteng ena re na le Lipale Tsa Bibele Tse Tsamaisanang le Litšoantšo le libukana tse mebala-bala tse bileng li hatisoang, tse kang Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng, tse rutang lithuto tsa bohlokoa ka mantsoe a seng makae. Libukana tsena le lingoliloeng tsohle tsa rōna tse hatisoang le tse hlahang websaeteng ea rōna li thusa batho ho ithuta Bibele.