Fetela boitsebisong

Maqephe aa Fokotsoa, Lipuo Lia Eketsoa

Maqephe aa Fokotsoa, Lipuo Lia Eketsoa

Ho tloha ka January 2013, maqephe a Tsoha! le a khatiso ea batho ka kakaretso ea Molula-Qhooa a tla fokotsoa ho tloha ho a 32 ho ea ho a 16 makasineng ka ʼngoe.

Kaha boitsebiso ba limakasine tsena bo tla fokotsoa, bafetoleli ba tla khona ho li fetolela ka lipuo tse eketsehileng. Ka mohlala, Tsoha! ea December 2012 e fetoletsoe ka lipuo tse 84 ʼme Molula-Qhooa oa December 2012 oa fetoleloa ka tse 195. Leha ho le joalo, ho tloha ka January 2013, Tsoha! e tla be e fetoleloa ka lipuo tse 98 ha Molula-Qhooa oona o fetoleloa ka tse 204.

Khatiso e ithutoang ea Molula-Qhooa e tla tsoela pele e e-na le maqephe a 32.

Maqephe a Hatisoang aa Fokotsoa—A Websaete aa Eketsoa

Liphetoho tse entsoeng limakasineng tseo re li hatisang li tla ama websaete ea rōna ea www.pr418.com ka litsela tse peli.

  1. Lihlooho tse ling tse neng li hatisoa limakasineng tsa rōna li se li tla hlaha feela websaeteng ena. Ka mohlala, lihlooho tse latelang, “Tsa Bacha,” “Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng” le tlaleho ea kabo ea mangolo ea Sekolo sa Gileade, tse neng li hlaha khatisong ea batho ka kakaretso ea Molula-Qhooa, hammoho le “Se ka Tšohloang ke Lelapa” le “Bacha Baa Botsa,” tse neng li hlaha makasineng ea Tsoha! li se li tla hlaha Inthaneteng feela.

  2. Molula-Qhooa le Tsoha! li tla fumaneha ka mokhoa o mong hape oa elektronike. Ka lilemo tse ngata, Molula-Qhooa le Tsoha! li ʼnile tsa fumaneha ka PDF websaeteng ea www.pr418.com. Limakasine tsena li se li tla fumaneha ka HTML ʼme sena se tla etsa hore ho be bonolo ho li fumana le ho li balla k’homphieutheng kapa liselefounong. Ho feta moo, u tla khona ho fumana le lingoliloeng tse ling tsa rōna, tse fumanehang Inthaneteng ka lipuo tse ka bang 400.