Fetela boitsebisong

Li Kōpa Mosebetsi, Eseng Moputso

Li Kōpa Mosebetsi, Eseng Moputso

Lilemong tse 28 tse fetileng, Lipaki Tsa Jehova tse fetang 11 000 li ’nile tsa siea mahae a tsona le linaha tseo li tsoang ho tsona ho ea kenya letsoho mesebetsing ea kaho e etsoang linaheng tse 120. Li thabetse ho fana ka tsebo le matla a tsona ka ho feletseng, le hoja li sa lefshoe.

Boholo ba tsona bo itefeletse litšenyehelo tsa leeto. Tse ling li entse mosebetsi oo nakong ea matsatsi a phomolo. Tse ling tsa ikōpa mosebetsing, kahoo tsa lahleheloa ke chelete e ngata ea moputso.

Ha ho motho ea li qobeletseng hore li itele ka tsela eo, empa ke tsona tse ithaopetseng ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng ka bophara. (Matheu 24:14) Li hahile liofisi, libaka tsa bolulo le mehaho eo ho hatisetsoang Libibele le libuka tse ling tse thehiloeng Bibeleng ho eona. Lipaki Tsa Jehova li boetse li hahile Liholo Tsa Kopano tse lulang batho ba ka bang 10 000 le Liholo Tsa ’Muso tse ka lulang batho ba 300.

Mosebetsi ona o ntse o tsoela pele. Ha basebetsi bana ba fihla setšeng, ofisi ea lekala ea moo e ba fa bolulo, lijo, ea ba hlatsoetsa le ho ba etsetsa lintho tse ling tseo ba li hlokang. Lipaki tsa sebakeng seo le tsona li thabela ho kenya letsoho mosebetsing oo oa kaho.

E le ho hlophisa le ho hokahanya mosebetsi ona oa motonanahali, ho ile ha thehoa lenaneo la machaba ka 1985. Baithaopi ba kenang lenaneong lena e le lokela ho ba Lipaki Tsa Jehova tse pakeng tsa lilemo tse 19 le tse 55, ’me bonyane ba be le tsebo e itseng ea kaho. Ka tloaelo ba nka libeke tse peli ho isa likhoeling tse tharo ba sebetsa moo, le hoja ka linako tse ling ba ka ’na ba nka selemo kapa ho feta.

Basali bao banna ba bona ba sebetsang kahong, ba koetliselitsoe ho etsa mosebetsi o kang oa ho tlama marinefoso, ho kenya lithaele, ho hohla le ho penta. Ba bang ba lokisetsa basebetsi bao lijo le ho hloekisa libaka tseo ba lulang ho tsona.

Ha baithaopi ba bang ba khutlela hae, baa ngola ’me ba leboha hore ebe ba ile ba fuoa monyetla oa ho etsa mosebetsi oo. Banyalani ba bang ba ile ba ngola, ba re: “Re rata ho le leboha haholo ka tokelo eo re bileng le eona ea ho sebetsa lekaleng la Budapest. Lipaki tsa Hungary li ile tsa re bontša hore lia re rata le hore li ananela mosebetsi oa rōna! Ho bile thata ho arohana le tsona ka mor’a hore re qete khoeli moo. Empa ho ba joalo kamehla. Re tšepa hore nakong ea selemo re tla khutlela teng. Nako le nako ha re ile mosebetsing oo, re utloa eka eo e bile khoeli e monate ka ho fetisisa bophelong ba rōna.”