Fetela boitsebisong

“Le Mohlala e le Kannete!”

“Le Mohlala e le Kannete!”

LIPAKI TSA JEHOVA tsa Saponara, e leng motse o Sicily, li ile tsa amohela khau ka lebaka la ho thusa batho ba ileng ba hlaseloa ke likhohola.

Ka la 22 November, 2011, likhohola tse matla li ile tsa hlasela tse ling tsa litoropo le metse ea profinse ea Messina. Hona mantsiboeeng ao, toropong ea Saponara ho ile ha shoa ngoana le batho ba babeli ba baholo, ka lebaka la ho hoholeha ha seretse.

Matsatsi a se makae ka mor’a koluoa eo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlophisa baithaopi hore ba tlose seretse le maloanlahla libakeng tse neng li anngoe haholo ke koluoa eo.

Baithaopi bao ba ile ba sebetsa hammoho le ba boholong ’me ba thusa batho ba neng ba hloka thuso e le kannete. Ba ile ba tsoela pele ho sebetsa le ka mor’a boemo bona ba tšohanyetso. Lipaki tse ka bang 50 ho ea ho 80 li ile tsa thusa boemong bona, ’me tse ling tsa tsona li ne li tsoa bohōle ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 97.

Baahi ba ’maloa ba sebakeng sena se neng se anngoe ke koluoa ea tlhaho ba ile ba leboha Lipaki. Majoro oa motse o ile a bua ka makhetlo a re: “Le mohlala e le kannete!

Likhoeli tse hlano hamorao, Fabio Vinci e leng Setho sa lekhotla la motse ea neng a eme lebitsong la masepala, o ile a fa phutheho ea Lipaki Tsa Jehova khau ka lebaka la ketso eo.