Fetela boitsebisong

LA 20 NOVEMBER, 2013
Armenia

Armenia e Lokolla Batšoaruoa Bohle ba Lipaki Tsa Jehova

Armenia e Lokolla Batšoaruoa Bohle ba Lipaki Tsa Jehova

YEREVAN, Armenia—Ka la 12 November, 2013, Armenia e ile ea lokolla batšoaruoa ba ho qetela ba 14 ba Lipaki Tsa Jehova ba neng ba tšoeroe ka lebaka la ho hana ho kena sesoleng. Ka kakaretso, ka la 8 October, 2013, ho ile ha lokolloa Lipaki Tsa Jehova tse 28 tse neng li tšoeroe ka lebaka la ho hana ho kena sesoleng. Sena se bontša phetoho e teng tloaelong ea ’muso oa Armenia ea ho hatakela litokelo tsa batho ba hanang ho kena sesoleng ka lebaka la bolumeli, e leng leano le ileng la lebisa ho tšoaroeng ha bahlankana ba Lipaki ba fetang 450 lilemong tse ka holimo ho 20 tse fetileng. Hona joale, ka lekhetlo la pele ho tloha ka 1993, ha ho na Lipaki Tsa Jehova tse tšoeroeng Armenia ka lebaka la ho hana ho etsa litšebeletso tse amanang le sesole.

Pele ho lokolloa batšoaruoa ba Lipaki ka la 12 November, Armenia e ne e se e lokollotse tse ling ka la 8 le la 9 October, ka lebaka la ho fokotsa ha ’muso nako ea bona ea ho ba teronkong ka likhoeli tse tšeletseng. Lipaki tse ling tse tšeletseng li ile tsa lokolloa ka la 24 October. Batšoaruoa bana ba tšeletseng, ke bona ba pele ba ho rua molemo tokisetsong ena ea ’muso e ileng ea qala ho sebetsa ka la 8 June, 2013, e nkela molao oa Armenia o ntseng o sebetsa oa ho etsa hore batho ba hanang ho kena sesoleng ba etse litšebeletso tseo e seng tsa sesole. Tokisetso ena e lumella batho ba hanang ho kena sesoleng ka lebaka la bolumeli hore ba se ke ba tšoaroa, ho e-na le hoo ba lumelloe ho etsa litšebeletso tse ling tseo e seng tsa sesole tse sa laoloeng ke sesole.

Lipaki tse fetang 90 li kentse kōpo ea ho kenngoa lenaneong lena le lecha. Ka la 23 October le la 12 November, 2013, Moifo oa Rephabliki o ile oa hlahloba le ho amohela likōpo tsa bahlankana bana ba 71. Moifo oo o ile oa phatlalatsa boikemisetso ba oona ba ho mamela linyeoe tse setseng hamorao.

David A. Semonian, e leng ’muelli oa Lipaki Tsa Jehova ea ntlo-khōlō ea tsona e New York, o re: “Re thabile hore ebe ’muso oa Armenia o lokollotse bahlankana bana le hore bothata bona boo e leng khale bo le teng bo rarollotsoe.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: David A. Semonian, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Armenia: Tigran Harutyunyan, tel. +374 93 900 482