Fetela boitsebisong

LA 18 JANUARY, 2013
Brazil

Ho Ritsa ha Seretse Brazil

Ho Ritsa ha Seretse Brazil

Bekeng ea pele ea January, pula e matla e ile ea baka likhohola le ho ritsa ha seretse seterekeng sa Rio de Janeiro, Brazil, ’me batho ba 3 000 ba ntšoa matlong a bona. Lipaki Tsa Jehova li tlaleha hore ho Lipaki tse ka bang 8 000 tse lulang sebakeng se anngoeng ke koluoa, ha ho na tse tsoileng likotsi. Leha ho le joalo, malapa a robeli a Lipaki a lahlehetsoe ke thepa ea ’ona ha matlo a ne a hoholeha. Batho ba anngoeng ke koluoa, ba ile ba fumaneloa bolulo ba nakoana malapeng a balumeli-’moho le bona le a beng ka bona. Komiti ea liphallelo eo litho tsa eona e leng baithaopi ba Lipaki, e se e fane ka lithane tsa lijo, metsi a hloekileng le lintho tse ling tse hlokahalang libakeng tseo koluoa e bakileng tšenyo e khōlō ho tsona.

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Brazil: Pedro Catardo, tel. +55 15 3322 9000